Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 16:21 - BIBELE

21 Davida a fihla ho Saule, a ema kapele ho yena. Saule a mo rata haholo, mme ya eba yena mojari wa dihlomo tsa Saule.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Davida, ha a fihla ho Saule, a fihla a ema pela hae, mme Saule a mo rata haholo, a mmea lehlahana la hae.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 16:21
13 Referencias Cruzadas  

Josefa o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo ha a kena tshebeletsong ya Faro, kgosi ya Egepeta. Josefa a tloha ho Faro, a potoloha le naha yohle ya Egepeta.


Batho ba hao ba a ithaba; bahlanka bana ba hao, ba o sebeletsang kamehla, ba utlwang bohlale ba hao, le bona ba a ithaba.


Ho molemo ho tshabela ho Morena, ho ena le ho tshepa mahosana.


Le se ke la tshepa mahosana, leha e le motho ya se nang matla, matla a ho pholosa.


Mo tshepeng ka dinako tsohle, mo tshepeng lona tjhaba sa heso, mmuleleng difuba tsa lona. Modimo ke setshabelo sa rona.


Ha o bona motho wa setsebi sa mesebetsi, tseba eo o tla sebeletsa dikgosi, ha a ka ke a sebeletsa bathwana.


Empa Joshua, mohlanka wa hao, mora wa Nune, ke yena ya tla kena naheng eo. Mo kgothatse, hobane ke yena ya tla etsa hore naha eo e be lefa la Iseraele.


Ka yona nako eo Morena a khetha ba morabe wa Levi, hore ba jare areka ya selekane sa Morena, ba eme kapele ho Morena, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse ka lebitso la hae ho fihlela kajeno.


Kapelepele Abimeleke a bitsa mohlankana ya jereng dihlomo tsa hae, a re ho yena: “Tsomula sabole ya hao, o mpolaye, esere ba nna ba bua ka nna, ba re: ‘O bolailwe ke mosadi.’ ” Mohlankana eo a mo phehletsa ka sabole, yaba o a shwa.


Saule a romela molaetsa ho Jese, a re: “Ke a o rapela: Ako dumelle Davida hore a dule le nna, a ntshebeletse, hobane ke a mo rata.”


Davida o ne a ye a etele Saule, mme a boele a kgutlele Betlelehema ho ya alosa dinku tsa ntatae.


E ne e ile yare ha Saule a bona Davida a etswa ho ya lwana le Mofilesita, a re ho Abinere, molaodi wa lebotho: “Abinere, moshanyana eo ke mora wa mang?” Abinere a re: “Ke hlapanya ka kgosi ya ka e phelang: Ha ke tsebe!”


Yaba Jonathane o bitsa Davida, o mmolella ditaba tsena tsohle. Jonathane a tlisa Davida ho Saule, mme Davida a boela a phela pela Saule jwaloka pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos