Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 16:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Davida, ha a fihla ho Saule, a fihla a ema pela hae, mme Saule a mo rata haholo, a mmea lehlahana la hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Davida a fihla ho Saule, a ema kapele ho yena. Saule a mo rata haholo, mme ya eba yena mojari wa dihlomo tsa Saule.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 16:21
13 Referencias Cruzadas  

Josefa o ne a na le dilemo tse mashome a mararo mohla a emang pela Faro, morena wa Egepeta. Mme Josefa a tswa pela Faro, a ya lekola naha yohle ya Egepeta.


Ba lehlohonolo, batho ba hao, ba lehlohonolo, bahlanka bana ba hao, ba hlolang ba eme pela hao, ba utlwang bohlale ba hao!


ho balehela ho Jehova ke molemo o fetisang wa ho itshepela marena.


Le se ke la itshepela marena, leha e le bana ba batho ba sitwang ho pholosa motho!


Bana ba batho ke lefeelafeela, le bara ba batho ke leshano feela; ha le ka ba bea sekaleng, ba ka phahama feela; kaofela hammoho ke lefeela.


Na o lemohile motho ya mahlahahlaha mosebetsing wa hae? O tla ema pela marena, a ke ke a ema pela bao e leng batho feela.


Ya tla kena ke Joshua, mora Nune, ya emang pela hao. Mo kgothatse, etswe e le yena ya tla ruisa bana ba Iseraele lefatshe lena.


Mohlang oo, Jehova a kgetha leloko la Levi ho jara areka ya selekane sa Jehova, le ho ema pela Jehova, le ho mo sebeletsa, le ho hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la hae, ho fihlela la kajeno.


Abimeleke, a phakisa a bitsa mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae, a re ho yena: Pshemola sabole ya hao, o mpolaye, esere mohlomong batho ba re: O bolailwe ke mosadi. Mohlankana a mo hlaba, a shwa.


Saule a ntano romela ho Jese, a re: Davida a ke a eme pela ka, hobane o bone mohau ho nna.


Davida o ne a etela Saule, a boele a kgutle, ho ya disa dinku tsa ntatae Bethlehema.


Saule, mohla a bonang Davida a etswa ho kgahlanyetsa Mofilesta, a re ho Abnere, molaodi wa makgotla: Abnere, mohlankana eo ke mora mang na? Abnere a re: Ka moya wa hao o utlwang, morena, ha ke tsebe.


Ebile Jonathane o bitsa Davida, mme Jonathane a mo tsebisa taba tseo tsohle; Jonathane a ntoo tlisa Davida, pela Saule, mme a tla, a dula pela hae jwaloka pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos