Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 16:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Jese a nka esele ya ho belesa bohobe le lekuka la veine le potsanyane, a di romela ho Saule ka mora hae Davida.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Jese a nka tonki e belesitsweng bohobe, le lekuka la veine, le potsanyane, mme a roma mora wa hae Davida ho di isetsa Saule.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 16:20
8 Referencias Cruzadas  

Yaba Iseraele, ntata bona, o re ho bona: Ha e ka kgona ho be jwalo, etsang hona: Kenyang mekotleng ya lona dintho tsa bohlokwa tsa naha, le nyehelle motho eo ka tsona; le nkeng balsame, le dinotshi, le dinoko, le mirra, le ditholwana, le diamanda.


Mpho ya motho e mo etsetsa sebaka, e mo atametsa pela ba baholo.


Haele bara ba bang ba Beliale, ba re: Motho eo a ka re namolela jwang? Ba mo nyedisa ke hona, ba se ke ba mo isetsa dinyehelo; a mpa a se ke a re letho.


Ba tla o dumedisa, ba o fe polokwe tse pedi tsa bohobe, tseo o tla di amohela matsohong a bona.


Ebile Saule o romela manqosa ho Jese, a re: Nthomele mora hao Davida, ya disang dinku.


Le dipolokwe tsena tsa mafi tse leshome, o di ise ho molaodi wa sekete sa bona, mme o bone hore na banabeno ba sa dutse hantle, o ntoo boya le taba tsa bona.


Ha ho le jwalo, Abigaile a phakisa a nka makgolo a mabedi a dipolokwe, le makuka a mabedi a veine, le nku tse hlano tse seng di lokisitswe, le ditekanyo tse hlano tsa diqhome, le lekgolo le le leng la merara, le makgolo a mabedi a dinkgwa tsa difeiye, a di belesa dieseleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos