Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 16:20 - BIBELE

20 Jese a nka tonki e belesitsweng bohobe, le lekuka la veine, le potsanyane, mme a roma mora wa hae Davida ho di isetsa Saule.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Jese a nka esele ya ho belesa bohobe le lekuka la veine le potsanyane, a di romela ho Saule ka mora hae Davida.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 16:20
8 Referencias Cruzadas  

Jwale ntata bona Iseraele a re ho bona: “Ha ho tlameha ho ba jwalo, etsang tjena: Nkang ditholwana tse kgahlehang tsa naha ena, le di tshele ka mekotleng ya lona, le di ise ho monna eo e le mpho: e be ditlolo, mahe a dinotshi, boroku, mmira, le ditholwana tsa sefate sa hoki, le tsa sefate sa mofuta wa perekisi.


Mpho e betlela mofani tsela, e mmee kapele ho mahosi a hae.


Empa banna ba bang ba kgopo ba re: “Motho eo o tla re namolela jwang?” Ba mo nyedisa, mme ba se ke ba mo nea dimpho. Empa Saule a ikgaohanela.


Ba tla o dumedisa, ba o nee dinkgwa tse pedi, tseo o tla di nka matsohong a bona.


Saule a romela maqosa ho Jese, a re: “Nthomelle Davida, mora wa hao, eo e leng modisana wa dinku.”


Direledi tsena tse leshome o di ise ho molaodi wa ba sekete. O botse bana beno hore na ba ntse ba phela jwang, o be o ntlele le se pakang hore ba ntse ba phela hantle.


Yaba Abikaele o a potlaka, o nka dinkgwa tse makgolo a mabedi, le makuka a mabedi a veine, le nama e phehilweng ya dinku tse hlano, le dikilo tse leshome le metso e supileng tsa koro e hadikilweng, le masihla a lekgolo a morara wa mangangajane, le maqebekwane a makgolo a mabedi a mangangajane a feiye, o di bofa ditonking.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos