Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 14:12 - BIBELE

12 Banna ba laletseng ba bitsa Jonathane le mojari wa dihlomo tsa hae, ba re: “Nyolohelang ho rona mona, mme re tla le ruta pula!” Jonathane a re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nyoloha, o ntatele, hobane Morena o neelane ka bona matsohong a Baiseraele.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Jwale, banna ba qhobosheaneng ba re ho Jonathane le ho lehlahana la hae: Hlwellang ho rona, mme re tla le tsebisa taba. Ebile Jonathane o re ho lehlahana la hae: Hlwa o ntshale morao, hobane Jehova o ba neetse matsohong a Baiseraele.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 14:12
13 Referencias Cruzadas  

“Kajeno ha ke fihla sedibeng ke ile ka re: ‘Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, haeba jwale o ka atlehisa leeto la ka,


Jwale ka inama, ka kgumamela Morena, mme ka boka Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, ya ileng a ntsamaisa ka tsela e nepahetseng, hore ke tlo nkela mora wa monga ka moradi wa moena wa hae.


Etlare ha o utlwa leswahlaswahla hodima difate tsa monokotshwai, ebe o a futuha, hobane Morena o tla be a o eteletse pele ho ya bolaya lebotho la Bafilesita.”


Jwale Amasiya a romela maqosa ho Jehowashe, mora wa Jehowakase, mora wa Jehu, kgosi ya Iseraele, a re: “Tloo re tlo lebanya dithebe!”


Debora a re ho Barake: “Tsamaya! Lena ke letsatsi leo ka lona Morena a neelanang ka Sisera matsohong a hao. Ha ke re Morena o se a o eteletse pele?” Barake a theoha thabeng ya Tabore, a ena le banna ba dikete tse leshome.


Molekane wa hae a araba, a re: “Toro ena ha e bolele letho, haese sabole ya Gideone, mora wa Jowashe, monna wa Moiseraele. Modimo o neelane ka Bamidiane le lebotho lohle matsohong a hae.”


Ha Gideone a se a utlwile tsa toro le tlhaloso ya yona, a kgumama, a nto kgutlela diahelong tsa Baiseraele. A fihla, a re: “Tsohang, hobane Morena o neelane ka lebotho la Bamidiane matsohong a lona.”


Kapelepele Abimeleke a bitsa mohlankana ya jereng dihlomo tsa hae, a re ho yena: “Tsomula sabole ya hao, o mpolaye, esere ba nna ba bua ka nna, ba re: ‘O bolailwe ke mosadi.’ ” Mohlankana eo a mo phehletsa ka sabole, yaba o a shwa.


Empa haeba ba ka re ho rona: ‘Nyolohelang ho rona,’ re tla nyoloha, hobane Morena o tla be a neelane ka bona matsohong a rona, mme hona e tla ba sesupo ho rona.”


Jonathane a nyoloha a kgasa, mojari wa dihlomo tsa hae a mo latetse. Bafilesita ba ketoha kapele ho Jonathane, mme mojari wa dihlomo tsa hae, ya mo latetseng, a ba qetela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos