Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 14:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Jwale, banna ba qhobosheaneng ba re ho Jonathane le ho lehlahana la hae: Hlwellang ho rona, mme re tla le tsebisa taba. Ebile Jonathane o re ho lehlahana la hae: Hlwa o ntshale morao, hobane Jehova o ba neetse matsohong a Baiseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Banna ba laletseng ba bitsa Jonathane le mojari wa dihlomo tsa hae, ba re: “Nyolohelang ho rona mona, mme re tla le ruta pula!” Jonathane a re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nyoloha, o ntatele, hobane Morena o neelane ka bona matsohong a Baiseraele.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 14:12
13 Referencias Cruzadas  

Mme kajeno, ha ke fihla sedibeng, ka re: Jehova, Modimo wa mong a ka Abrahama, ha o ka fela wa ithatela ho atlisa tsela ya ka eo ke tsamayang ho yona,


Ka inama, ka kgumamela Jehova; ka boka Jehova, Modimo wa mong a ka Abrahama, ya ntsamaisitseng ka tsela e lokileng, ke tle ke nkele mora mong a ka moradi wa banababo.


Etlere ha o utlwa modumo wa diqi dintlheng tsa difate tsa monokotswai, o ke o ba nehelle; hobane etlaba Jehova o se a o eteletse pele, ho ya qhala makgotla a Bafilesta.


Kamora tseo, Amatsia a romela manqosa ho Joase, mora Joakase, mora Jehu, morena wa Iseraele, a re: Tloo, re ke re tadimane difahleho.


Debora a re ho Barake: Raoha, hobane ke lona letsatsi leo Jehova a tla neela Sisera matsohong a hao! Ha ka re, Jehova o o eteletse pele na? Kahoo, Barake a theoha thabeng ya Thabore, a setswe morao ke banna ba kete tse leshome.


Molekane wa hae a araba, a re: Toro eo ha e bolele letho, haese sabole ya Gideone, mora Joase, monna wa Iseraele. Modimo o neetse Bamidiane le diahelo tsohle matsohong a hae.


Eitse hobane Gideone a utlwe taba tsa toro le hlalosetso ya yona, a inama, a ntoo kgutlela diahelong tsa Baiseraele, a re: Emang, hobane Jehova o neetse diahelo tsa Bamidiane matsohong a lona.


Abimeleke, a phakisa a bitsa mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae, a re ho yena: Pshemola sabole ya hao, o mpolaye, esere mohlomong batho ba re: O bolailwe ke mosadi. Mohlankana a mo hlaba, a shwa.


Ha ba ka re, re hlwelle ho bona, teng re tla hlwa, hobane etlaba Jehova o ba neetse matsohong a rona: hona e tla ba pontsho ho rona.


Jonathane a nyoloha a kgasa ka maoto le ka matsoho, lehlahana la hae le mo setse morao, mme Bafilesta ba wa pela Jonathane, mme lehlahana la hae la ba bolaya le le kamora hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos