Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 14:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jonathane a nyoloha a kgasa ka maoto le ka matsoho, lehlahana la hae le mo setse morao, mme Bafilesta ba wa pela Jonathane, mme lehlahana la hae la ba bolaya le le kamora hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Jonathane a nyoloha a kgasa, mojari wa dihlomo tsa hae a mo latetse. Bafilesita ba ketoha kapele ho Jonathane, mme mojari wa dihlomo tsa hae, ya mo latetseng, a ba qetela.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 14:13
10 Referencias Cruzadas  

Ka wena nka nehella lekgotleng la dira, ka Modimo wa ka nka tlola lerako.


Ana re tla reng tabeng tseo na? Ha Modimo o eme le rona, ke mang ya ka hanang ho rona na?


Jehova o tla etsa hore dira tsa hao tse o tsohelang matla di hlolwe pontsheng ya hao; di tla le futuhela di etla ka tsela e le nngwe, mme di tla le balehela ka tsela tse supileng.


Motho a le mong o ne a tla phallela ba sekete jwang, mme ba babedi ba ne ba tla lelekisa ba dikete tse leshome jwang, hojane Lefika la bona le sa ka la rekisa ka bona, le hojane Jehova a sa ka a ba lahla?


ba timile matla a mollo, ba phonyohile bohaleng ba lerumo, ba thusitswe dipabong tsa bona, ba entswe dinatla ntweng, ba qhadile makgotla a dira.


Monna a le mong wa lona o lelekile ba sekete se seng, hobane Jehova, Modimo wa lona, ke yena ya le lwanelang, jwalokaha a le baletse.


Abimeleke, a phakisa a bitsa mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae, a re ho yena: Pshemola sabole ya hao, o mpolaye, esere mohlomong batho ba re: O bolailwe ke mosadi. Mohlankana a mo hlaba, a shwa.


Jwale, banna ba qhobosheaneng ba re ho Jonathane le ho lehlahana la hae: Hlwellang ho rona, mme re tla le tsebisa taba. Ebile Jonathane o re ho lehlahana la hae: Hlwa o ntshale morao, hobane Jehova o ba neetse matsohong a Baiseraele.


Polao eo ya ho qala ya Jonathane, ba ena le lehlahana la hae, ya eba ya batho ba batlileng ba eba mashome a mabedi, ka sebaka se kang halofo ya tema ya naha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos