Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 14:13 - BIBELE

13 Jonathane a nyoloha a kgasa, mojari wa dihlomo tsa hae a mo latetse. Bafilesita ba ketoha kapele ho Jonathane, mme mojari wa dihlomo tsa hae, ya mo latetseng, a ba qetela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jonathane a nyoloha a kgasa ka maoto le ka matsoho, lehlahana la hae le mo setse morao, mme Bafilesta ba wa pela Jonathane, mme lehlahana la hae la ba bolaya le le kamora hae.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 14:13
10 Referencias Cruzadas  

Morena, ke wena lebone la ka, Modimo wa ka o bonesa lefifi la ka.


Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?


“Morena o tla etsa hore dira tsa hao, tse o tsohetseng matla, di hlolwe o ntse o di bona. Ha di o futuhela di tla tla di tsamaya ka tsela e le nngwe, empa ha di o baleha di tla phasaphasa ka tsela tse ngata.


Motho a ka phaladisa sekete a le inotshi? Ba babedi ba lelekisa di le leshome, Fika la bona le sa ba rekisa, Morena a sa neelana ka bona?


ba tima mollo o bohale, ba phonyoha ho bolawa ka sabole. Ba ne ba fokola, empa ba boela ba matlafala, ba fetoha dinatla ntweng, ba qhala dimphi tsa baditjhaba.


Monna a le mong wa lona o lelekile batho ba sekete, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya le lwanetseng, jwalokaha a ne a le tshepise.


Kapelepele Abimeleke a bitsa mohlankana ya jereng dihlomo tsa hae, a re ho yena: “Tsomula sabole ya hao, o mpolaye, esere ba nna ba bua ka nna, ba re: ‘O bolailwe ke mosadi.’ ” Mohlankana eo a mo phehletsa ka sabole, yaba o a shwa.


Banna ba laletseng ba bitsa Jonathane le mojari wa dihlomo tsa hae, ba re: “Nyolohelang ho rona mona, mme re tla le ruta pula!” Jonathane a re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nyoloha, o ntatele, hobane Morena o neelane ka bona matsohong a Baiseraele.”


Ena e bile polao ya pele e ileng ya etswa ke Jonathane le mojari wa dihlomo tsa hae. Ba bolaya banna ba ka bang mashome a mabedi, ba le sebakaneng se bonamo ba halofo ya akere.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos