Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 9:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mehleng eo, batho ba tla ipatlela lefu, empa ba ke ke ba le fumana; ba tla lakatsa ho shwa, empa lefu le tla ba balehela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Matsatsing ao batho ba tla ipatlela lefu, empa ba ke ke ba le fumana; ba tla lakatsa ho shwa, empa lefu le tla ba baleha.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Mehleng eo batho ba tla batla lefu, mme ba ke ke ba le fumana; mme ba tla lakatsa ho shwa, mme lefu le tla ba balehela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Mehleng eo batho ba tla batla lefu, mme ba ke ke ba le fumana; mme ba tla lakatsa ho shwa, mme lefu le tla ba balehela.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 9:6
9 Referencias Cruzadas  

A re ho nna: Tloo pela ka, o mpolaye: ke se ke tsekela; leha empa bophelo ba ka bohle bo sa le teng ho nna.


batho ba tla balehela mafarung a mafika le mesimeng ya lefatshe, ho sutha pela botshabeho ba Jehova le pela kganya ya boholo ba hae, mohla a emang ho thothometsa lefatshe.


Mme ho tla ratwa lefu haholo ho bophelo ke masala kaofela a setseng a mofuta oo o mobe, hohle moo ke a qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova wa makgotla.


Ho fedile le nqalo tse diphahameng tsa Bethe-Avene, tseo e leng sebe sa Iseraele. Meutlwa le dintshwantshwane di ya mela dialetareng tsa tsona. Mme ba tla re ho dithaba: le re kgurumetse! le ho marallana: Re weleng hodimo!


Mohlang oo, ba tla qala ho re ho dithaba: Le re wele hodimo; le ho maralla: Le re pupetse;


ba re ho dithaba le ho mafika: Re weleng hodimo, le re pate pela sefahleho sa ya dutseng teroneng le pela bohale ba Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos