Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 9:6 - BIBELE

6 Matsatsing ao batho ba tla ipatlela lefu, empa ba ke ke ba le fumana; ba tla lakatsa ho shwa, empa lefu le tla ba baleha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mehleng eo, batho ba tla ipatlela lefu, empa ba ke ke ba le fumana; ba tla lakatsa ho shwa, empa lefu le tla ba balehela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Mehleng eo batho ba tla batla lefu, mme ba ke ke ba le fumana; mme ba tla lakatsa ho shwa, mme lefu le tla ba balehela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Mehleng eo batho ba tla batla lefu, mme ba ke ke ba le fumana; mme ba tla lakatsa ho shwa, mme lefu le tla ba balehela.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 9:6
9 Referencias Cruzadas  

“Yena a re ho nna: ‘Ke a o rapela: Tloo kwano, o nqetele. Ke tshwerwe ke ditlokotsi tsa lefu, le hoja ke sa ntsane ke phefumoloha.’


Batho ba tla balehela mahaheng, ba balehele katlasa mafika, ba kene mekoting e tjhekilweng fatshe, ka baka la ho tshaba Morena le kganya ya botletlehi ba hae, ha a phahama ho tshosa lefatshe.


Morena wa mabotho o re: Masalla wohle a setjhaba sena se kgopo, a tla phonyoha, a dibakeng tsohle tseo ke a leleketseng ho tsona, a tla ikgethela lefu bakeng sa bophelo.’ ”


Dibaka tsa borapedi, tsa Afene, di tla fediswa, tsona tseo Iseraele a etsetsang sebe ho tsona, aletare tsa bona di mele meutlwa, di mele tshehlo. Ba tla re ho dithaba: “Re kgurumetseng!” Ho maralla ba re: “Re weleng hodimo!”


Ke moo ba tla qala ho re ho dithaba: “ ‘Re weleng hodimo!’ “le ho maralla: “ ‘Re kwaheleng!’


Ba re ho dithaba le ho mafika: “Re weleng hodimo, le re pate, hore re se ke ra bonwa ke ya dutseng teroneng, le re phemise kgalefo ya Konyana,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos