Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 9:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Tsa laelwa hore di se ke tsa ba bolaya, di mpe di ba hlokofatse ka dikgwedi tse hlano; mme bohloko ba tsona bo ne bo le jwaloka bohloko ba phepheng, ha e hlabile motho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Tsa newa matla, e seng a ho ba bolaya, empa a ho ba hlokofatsa ka dikgwedi tse hlano. Ho hlokofatsa ha tsona ho tshwana le mahloko a phepheng ha e loma motho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Mme tsa newa hore di se ke tsa ba bolaya, empa hore di hlokofatswe ka dikgwedi tse hlano;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Mme tsa newa hore di se ke tsa ba bolaya, empa hore di hlokofatswe ka dikgwedi tse hlano;

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 9:5
12 Referencias Cruzadas  

Ha ntate a le jarisitse joko e boima, nna ke tla eketsa boima ba joko ya lona; ha ntate a le otlile ka diphafa nna ke tla le otla ka diphepheng.


a bua le bona ka keletso ya banna ba batjha, a re: Ntate o ne a le jarisitse joko e boima, nna ke tla e ekeletsa; ntate yena o le otlile ka diphafa, nna ke tla le otla ka diphepheng.


Yaba Jehova o re ho Satane: Bona, o letsohong la hao! feela o qenehele bophelo ba hae.


Haele wena, mora motho, o se ke wa ba tshaba, o se ke wa tshoha mantswe a bona, leha bona ho wena e le bobatsi le meutlwa, mme o ahile le diphepheng. Se tshohe mantswe a bona, o se ke wa tepella ka baka la bona, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.


Kamora seo, ha ke boela ke tadima, ka bona sebatana se seng se kang lengau, se ena le mapheo a mane a manong mokokotlong wa sona; sebatana seo se ne se na le dihlooho tse nne, mme sa newa borena.


Jesu a araba, a re: O ka be o se na matla ho nna le hanyenyane, hojane ha o a a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya nneetseng wena o na le sebe se fetisang.


Etlare hobane di phethe bopaki ba tsona, sebata se nyolohang sekoting se tla di lwantsha, se di hlole, se di bolaye.


Sa newa molomo o bolelang ditaba tse kgolo, le dinyefolo; mme sa fuwa matla a ho lwana ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.


Sa newa ho lwantsha bahalaledi, le ho ba hlola. Hape, sa newa matla hodima mefuta yohle, le hodima merabe yohle, le hodima dipuo tsohle, le hodima ditjhaba tsohle.


Di na le mehatla e jwaloka ya diphepheng, le ditsenene, mme matla a tsona a ho hlokofatsa batho ka dikgwedi tse hlano a mehatleng ya tsona.


Ditsie tsa tswa mosing, tsa tla lefatsheng, mme tsa newa matla a kang matla a diphepheng tsa lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos