Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 28:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ditshelo e tla ba halofo ya hine ka pohwana; le karolo ya boraro ya hine ka pheleu; le karolo ya bone ya hine ka konyana. Ke sona setjheso sa qalo ya kgwedi, sa kgwedi e nngwe le e nngwe, sa dikgwedi tsohle tsa selemo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Dinyehelo tsa dino tse tsamayang le tsona e tla ba dilethara tse pedi tsa veine bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe, le lethara e le nngwe le halofo bakeng sa pheleu e nngwe le e nngwe, le lethara e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe. Ena ke nyehelo ya setjheso ya kgwedi e nngwe le e nngwe ya dikgwedi tsa selemo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 28:14
11 Referencias Cruzadas  

Hape, ha etswa setjheso sa mehla, le sa kgwedi ha e thwasa, le sa mekete yohle e halalelang ya Jehova, le sa motho ka mong ya ratang ho hlabela Jehova sehlabelo.


Le se ke la hlola le ntlisetsa mahlabelo a lefeela; dibano tsa lona ke manyala ho nna, le mekete ya dikgwedi tse thwasang, le ya Disabatha, le ya dipitso tsa ho phutheha; diphutheho tsa lona tse mahlonoko tse hlokang borapedi di a nkgathatsa.


Ke tla etsa hore Moabe a hloke ya nyolohelang nqalong e phahameng le ya tjhesetsang Modimo wa hae dibano, ho bolela Jehova.


Setjheso se tla hlahiswa ke morena pela Jehova ka tsatsi la Sabatha e tla ba dikonyana tse tsheletseng tse hlokang sekodi, le pheleu e se nang sekodi.


Lona baprista, itlameng ka masela a mahwashe, le lle; lona bahlanka ba aletare, le bokolle. Tloong, le robale maseleng a mahwashe, lona bahlanka ba Modimo wa ka, hobane ha ho sa le nyehelo le tshelo tlung ya Modimo wa lona.


le tshelo ya karolo ya bone ya hine ya veine, eo o tla e hlahisa hammoho le setjheso kapa sehlabelo, bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe.


ho tliswe, hammoho le pohwana, nyehelo ya dikarolo tse tharo tsa leshome tsa phofo e dubilweng ka ole e lekanang halofo ya hine;


le nyehelo ya pheleu, e leng karolo tse pedi tsa boshome ba lefi la phofo le dubilweng ka ole; le nyehelo ya konyana e nngwe le e nngwe, e leng karolo e le nngwe ya boshome ba lefi la phofo le dubilweng ka ole. Ke setjheso, ke sehlabelo se tjheswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Ho tla hlabelwa Jehova phooko, e be sehlabelo sa sebe, kantle ho setjheso sa kamehla le tshelo ya sona.


Tshelo e tla ba ya karolo ya bone ya hine hodima konyana ya hosasa; tshelo ya veine e hlwekileng o tla e etsetsa Jehova nqalong e halalelang.


hammoho le nyehelo le ditshelo tse etsetswang dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, ka palo ya tsona le ka taelo e beilweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos