Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 28:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ho tla hlabelwa Jehova phooko, e be sehlabelo sa sebe, kantle ho setjheso sa kamehla le tshelo ya sona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Ho tla nyehellwa Morena ka phooko ya nyehelo e tlosang sebe, mme ho nyehelwa ka tsona e le tse eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Numere 28:15
14 Referencias Cruzadas  

Yaba ba nka seaparo sa Josefa, ba hlaba phorohlwana ya podi, ba qopetsa seaparo mading;


O tla hlabela setjhaba phooko ya sehlabelo sa sebe; o tla isa madi a yona kamora lesira, mme o tla etsa ka madi ao jwalokaha a entse ka madi a pohwana, o tla foka ka wona hodima sekwahelo, le pela sona.


Ka mokgwa o jwalo, o tla etsetsa sehalalelo pheko, ka baka la ditshila tsa bana ba Iseraele, le la dibe tsohle tseo ba sitilweng ka tsona; o tla etsa jwalo le bakeng sa tente ya pokano e beilweng ho bona le hara tse sa hlwekang tsa bona.


Etlare ha e bontshwa sebe seo e se entseng, e tla hlahisa podi e tona e se nang sekodi, e be sehlabelo sa yona.


ekare ha le sitilwe ka ho se tsebe, phutheho e sa ka ya lemoha, phutheho yohle e tla hlahisa sehlabelo sa pohwana, e be setjheso se monko o monate ho Jehova, hammoho le nyehelo ya sona le tshelo ya sona e loketseng; mme le teng e hlahise phooko ya sehlabelo sa sebe.


Ditshelo e tla ba halofo ya hine ka pohwana; le karolo ya boraro ya hine ka pheleu; le karolo ya bone ya hine ka konyana. Ke sona setjheso sa qalo ya kgwedi, sa kgwedi e nngwe le e nngwe, sa dikgwedi tsohle tsa selemo.


Le tla hlaba phooko, e be sehlabelo sa sebe, le tle le etsetswe pheko.


Ere ho bona: Ke sena setjheso seo le tla se hlahisetsa Jehova: Ka tsatsi le leng le le leng le tla hlahisa dikonyana tse tona tse pedi tse se nang sekodi, tse lemo se le seng, e nne e be setjheso sa kamehla.


Le tla hlaba phooko, le tle le etsetswe pheko. Le tla hlahisa mahlabelo ao, kantle ho ditjheso tsa kamehla le dinyehelo tsa tsona.


Le tla hlahisa phooko ya sehlabelo sa sebe, kantle ho setjheso sa kamehla le ho nyehelo le tshelo.


Le tla hlahisa phooko ya sehlabelo sa sebe, le tle le etsetswe pheko.


Hobane se neng se sita molao, ke ho fokodiswa ke nama, Modimo o se entse ha o romile Mora wa wona ka nama e tshwanang le ya baetsadibe, le ka baka la sebe, mme o tswile sebe nameng;


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos