Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 22:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Hosasane, Balake a nka Balaame, a mo nyolosetsa Bamothe-Baale; ha a le teng, Balaame a bona karolo ya ho qetella ya setjhaba sa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

41 Ka la hosasane, Balake a tsamaya le Bileame, a mo isa Bamote-Baale, moo a ileng a bona karolo e nngwe ya setjhaba sa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Numere 22:41
9 Referencias Cruzadas  

o ne a ikgethetse baprista ba dinqalo tse diphahameng ho hlabela diphooko le manamane ao a neng a a entse.


mme ba hahetse Baale dinqalo tse diphahameng ho tjhesa bana ba bona teng ka mollo, e tle e be setjheso ho Baale, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, ke sa kang ka ba bolella sona, se sa kang sa itlhahela pelong ya ka;


Ke tla etsa hore Moabe a hloke ya nyolohelang nqalong e phahameng le ya tjhesetsang Modimo wa hae dibano, ho bolela Jehova.


Hobane ho tswile mollo Heshbone, le lelakabe motseng wa Sihone; le tjhesitse Are-Moabe le marena a diphahameng tsa Arnone.


Balake a hlaba dikgomo le dinku, mme a sehela Balaame le matona a ho yena.


Balaame a re ho Balake: Nkgahele mona dialetare tse supileng, mme o ntokisetse teng dipoho tsa dikgomo tse supileng, le dipheleu tse supileng.


Balake a re ho yena: Tloo le nna hle bakeng sesele, moo o tla se bona; o tla bona karolo e le nngwe feela ya sona, e seng ho se bona kaofela. O nthohakele sona teng.


Le tla fedisisa nqalo tsohle tseo ditjhaba tseo le yang ho di falatsa ha tsona di sebeleditseng medimo ya tsona teng, dithabeng tse telele, le maralleng, le tlasa difate tsohle tse tala.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos