Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 22:41 - BIBELE

41 Ka la hosasane, Balake a tsamaya le Bileame, a mo isa Bamote-Baale, moo a ileng a bona karolo e nngwe ya setjhaba sa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Hosasane, Balake a nka Balaame, a mo nyolosetsa Bamothe-Baale; ha a le teng, Balaame a bona karolo ya ho qetella ya setjhaba sa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Numere 22:41
9 Referencias Cruzadas  

Jeroboame a itlhomamisetsa baprista ba dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, le ba sebeletsang medingwana ya diphooko, le ba sebeletsang manamane ao a a bopileng.


Ba hahetse Baale dibaka tsa borapedi, hore ba tjhesetse bara ba bona ho tsona, ba etsetse Baale nyehelo ya setjheso, e leng ntho eo ke sa kang ka ba laela yona, kapa ka e bua, kapa ka e nahana.


Ba etsetsang dinyehelo dibakeng tsa borapedi, le ba tjhesetsang medimo ya bona mokubetso, ke tla ba thibela ho etsa jwalo naheng ya Moabe,” ho rialo Morena.


“Mollo o qhomme Heshebone, kgabo ya tlola motseng wa Sihone, ya metsa Are-Moabe, le marena a dihlaba tsa Arenone.


Balake a etsa sehlabelo ka dipholo le ka dinku, a romela ditho tse ding tsa tsona ho Bileame le ho mahosana a neng a ena le yena.


Bileame a re ho Balake: “Nkgahele dialetare tse supileng mona, mme o nnyehelle ka pohwana tse supileng, le ka dipheleu tse supileng.”


Balake a re ho Bileame: “Ke a o rapela; a re ke re ye le wena sebakeng se seng hape, moo o tla bona dira tsa ka ha o le hona teng. Ha o ka ke wa di bona kaofela, empa o tla bona karolonyana ya tsona feela. O nthohakele tsona o le hona moo.”


Le fedise dibaka tsohle moo ditjhaba tseo le tlang ho di falatsa di neng di sebeletsa medimo ya tsona teng, tse hodima dithaba, le tse hodima maralla, le tse katlasa difate tsohle tse talana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos