Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 23:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Balaame a re ho Balake: Nkgahele mona dialetare tse supileng, mme o ntokisetse teng dipoho tsa dikgomo tse supileng, le dipheleu tse supileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Bileame a re ho Balake: “Nkgahele dialetare tse supileng mona, mme o nnyehelle ka pohwana tse supileng, le ka dipheleu tse supileng.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 23:1
19 Referencias Cruzadas  

Leha le re ho nna, le tshepile Jehova, Modimo wa lona, hleka hase yena eo Esekiase a tlositseng nqalo tsa hae tse diphahameng le dialetare tsa hae, a re ho Juda le ho Jerusalema: Le tla kgumama pela aletare ena feela e Jerusalema?


Ke ka thuso ya Modimo Balevi ba tsebileng ho jara areka ya selekane sa Jehova; ba ntoo hlaba dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng.


Ba tlisa dipoho tse supileng, le dipheleu tse supileng, le dikonyana tse supileng, le diphooko tse supileng, e be sehlabelo sa sebe bakeng sa mmuso le sa sehalalelo le sa Juda; mme morena a bolella baprista, bara ba Aarone, hore ba di hlabele aletareng ya Jehova.


Ka baka leo, ntshang jwale dipoho tse supileng, le dipheleu tse supileng, le ikele ho mohlanka wa ka, Jobo, le hlahise setjheso bakeng sa lona, mme Jobo, mohlanka wa ka, a ke a le rapelle; ke ka baka la hae a nnotshi nke keng ka le otla ka baka la bowatla ba lona; hobane ha le a ka la bolela tsa ka ka ho loka, jwaloka mohlanka wa ka, Jobo.


Hape, o nketsetse aletare ya mobu, eo o tla hlabela ho yona mahlabelo a hao a ditjheso le a diteboho, e leng nku tsa hao le kgomo tsa hao. Hohle moo ke tla o hopotsa lebitso la ka, ke tla tla ho wena teng, ke tle ke o hlohonolofatse.


Sehlabelo sa e mobe ke manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke thapelo ya motho ya lokileng.


Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.


Hape, ka matsatsi a supileng a mokete, o tla hlabela Jehova dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng tse se nang sekodi, ka mokgwa wa ditjheso, ka tsatsi le leng le le leng ho matsatsi ao a supileng; hape, a hlabe phooko ka tsatsi le leng le le leng, e le sehlabelo sa sebe.


Hosasane, Balake a nka Balaame, a mo nyolosetsa Bamothe-Baale; ha a le teng, Balaame a bona karolo ya ho qetella ya setjhaba sa Iseraele.


Balake a etsa seo Balaame a se boletseng; Balake le Balaame ba hlaba poho le pheleu aletareng e nngwe le e nngwe.


Balaame a re ho Balake: Nkgahele mona dialetare tse supileng, mme o ntokisetse teng dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng.


Balake a etsa kamoo Balaame a mmoleletseng kateng, a hlaba poho le pheleu hodima aletare e nngwe le e nngwe.


Ka tsatsi la bosupa, le tla hlahisa dipohwana tse supileng, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse se nang sekodi, tse lemo se le seng,


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.


Ho madimabe bona, kahobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba kgelohile ke ho thetswa ke moputso jwaloka Balaame, mme ba timetse ka kganyetso e jwaloka ya Kore.


Yaba Samuele o re: Hleka Jehova o kgahlwa ke ditjheso le ke mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ha ho utluwa lentswe la Jehova na? Bona kutlo e fetisa sehlabelo, mme mamelo e fetisa mafura a dipheleu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos