Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 7:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 O se ke wa phaka wa halefa pelong ya hao, hobane kgalefo e ye e hanelle sefubeng sa mawatla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 O se itlwaetse ho halefa kapele, thoto di kwetlile kgalefo ka difubeng tsa tsona.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 7:9
24 Referencias Cruzadas  

Kaine a bua le Abele moenae; mme ha ba le naheng, Kaine a tsohela Abele moenae matla, a mmolaya.


Absalome yena a mpa a se ke a bua ho Amnone ka taba e mpe, kapa e ntle, kahobane Absalome a ne a hloile Amnone, kahobane a betile kgaitsedi ya hae Tamare.


Jwale, Absalome a laela bahlanka ba hae, a re: Le ke le bone pelo ya Amnone ha e thabile ke veine; etlere ha ke re ho lona: Bolayang Amnone, le ke le mmolaye; le se ke la tshaba; ha ke re, ke nna ke le laelang? Itiiseng, le etse ka senna.


Jonadabe, mora Shimea, ngwanabo Davida, yena a bolela, a re: Monga ka a se ke a lekanya hore bahlankana bohle, bara ba morena, ba bolailwe; ho shwele Amnone a nnotshi; e bile ka morero o neng o rerwe ke Absalome haesale Amnone a senya kgaitsedie Tamare.


Banna ba Iseraele ba fetola banna ba Juda, ba re: Re na le dikarolo tse leshome ho morena, hape, Davida ke wa rona haholo ho lona; le re nyediseditseng hakalo, ha le sa ka la qala ka ho buisana le rona tabeng ya ho lata morena? Mme puo tsa banna ba Juda tsa eba thata ho feta tsa banna ba Iseraele.


Motho ya bohale o etsa tsa bowatla, mme ya ditaba tse lonya o a hlouwa.


Ya diehang ho halefa o na le kelello e kgolo; empa ya pelo e befang kapele o hlahatsa bothoto.


Ya diehang ho halefa o fetisa mohale; ya hlolang pelo ya hae o fetisa ya hapang metse.


O se ke wa phaka wa ya nyeweng, esere mohlomong qetellong wa kena tsietsing, ha o se o hlotswe ke wa heno.


Se re: Ke kang ha matsatsi a kgale a bile molemo ho a kajeno? Leha o botsa taba e jwalo, hase potso e hlalefileng.


Mme jwale, ke re: Jehova, lata hle bophelo ba ka, hobane ho ka bang molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.


Yare ha tsatsi le tjhaba, Jehova a hlahisa moya o bohale wa botjhabela, mme letsatsi la bata hlooho ya Jonase, a ba a kgathala, a qela lefu, a re: Ho leng molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.


Empa Modimo wa re ho Jonase: A o etsa hantle, ha o hlonamile ka baka la monyaku na? Yena a re: Ke etsa hantle ha ke hlonamile, le ho isa ho shweng.


Herodiase o ne a hloile Johanne ke hona, mme o ne a rata ho mmolaya, a mpa a sitwa;


Yaba morwetsana o tswa, a ya re ho mmae: Ke tla kopang na? Eo a re: Kopa hlooho ya Johanne Mokolobetsi.


Tsebang tsena, banabeso ba ratwang: Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe le ho halefa;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos