Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 7:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Qetello ya taba e nngwe e fetisa qalo ya yona. Pelo e telele e molemo ho ena le pelo e ikakasang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Pheletso ya taba e molemo ho feta qaleho ya yona, momamelli o molemo ho feta moikakasi.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 7:8
20 Referencias Cruzadas  

Boikgohomoso bo hlahisa phapang feela; empa bohlale bo ho ba mamelang keletso.


Ya diehang ho halefa o na le kelello e kgolo; empa ya pelo e befang kapele o hlahatsa bothoto.


Motho ya bohale o hotetsa phapang; empa ya diehang ho hlonama o tima dikomang.


Ya diehang ho halefa o fetisa mohale; ya hlolang pelo ya hae o fetisa ya hapang metse.


Moya o ikgohomosang o butswela dikgang; empa ya tshepang Jehova o tla kgora.


Botumo bo botle bo molemo ho ena le ole e nkgang hamonate, le letsatsi la ho shwa ho ena le letsatsi la ho tswalwa.


Empa Abrahama a re: Ngwana ka, hopola hobane o bone tse monate tsa hao bophelong ba hao; mme ka mokgwa o jwalo, Lasaro o bone tse mpe; jwale yena, o tshediswa mona, empa wena, o utlwiswa bohloko.


Le tla boloka meya ya lona ka sebete sa lona.


Empa tholwana ya Moya ke lerato, le thabo, le kgotso, le sebete, le kgauho, le molemo, le botshepehi, le bonolo, le boitshwaro.


ka boikokobetso bohle, le ka mosa, le ka sebete, le ntse le mamellana ka lerato.


Hobane le tshwanetse ho ba le mamello, le tle le etse thato ya Modimo, le tle le ntoo kotula tseo le di tshepisitsweng.


Bonang, re rorisa lehlohonolo la ba mameletseng; le utlwile mamello ya Jobo, mme le bone tsa qetello ya Morena; hobane Morena o tletse mohau le lereko.


Le lona, lebellang ka sebete, mme le tiise dipelo tsa lona; hobane ho tla ha Morena ho haufi.


Jwale he lona, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le phele ka boitshwaro, le lete ka tshepo e tiyang mohau oo le tla o tlisetswa mohla Jesu Kreste a hlahang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos