Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 7:9 - BIBELE

9 O se itlwaetse ho halefa kapele, thoto di kwetlile kgalefo ka difubeng tsa tsona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 O se ke wa phaka wa halefa pelong ya hao, hobane kgalefo e ye e hanelle sefubeng sa mawatla.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 7:9
24 Referencias Cruzadas  

Kaine a re ho Abele, moena hae: “A re ye naheng.” Jwale yare ha ba le naheng, Kaine a tsohela Abele moena hae matla, a mmolaya.


Abosalome a se ke a hlola a buisana ntho efe kapa efe le Amanone, hobane o ne a hloile Amanone, kaha o ne a ile a beta Tamare, kgaitsedi ya hae.


Abosalome a laela bahlanka ba hae, a re: “Mamelang mona! Ha Amanone a se a tahilwe ke veine, e tle ere ha ke re ho lona: ‘Ho yena!’ le mmolaye le sa tshabe letho. Ke le laela jwalo. Le be sebete, le be bahale!”


Jonadabe, mora wa Shima, ngwanabo Davida, a bua, a re: “Monga ka a se ke a hopola hore bara bohle ba kgosi ba bolailwe; ke Amanone feela ya bolailweng. Hona ho entswe ka taelo ya Abosalome. O ne a ho rere ho tloha mohla letsatsi leo ka lona kgaitsedi ya hae, Tamare, a neng a betwe ke Amanone.


Banna ba Iseraele ba araba banna ba morabe wa Juda, ba re: “Kabelo ya rona ho kgosi e feta ya lona haleshome; le ho Davida re na le tokelo e fetang ya lona. Jwale le re nyedisitse ka baka lefe? Na hase rona ba qadileng ho bua pele ka taba ya hore kgosi e kgutliswe?” Dipolelo tsa banna ba morabe wa Juda di ne di hlaba ho feta tsa banna ba Iseraele.


Motho ya halefang kapele o etsa bothoto, ya nang le mehopolo e mebe batho ba a mo hloya.


Ya diehang ho halefa o na le kutlwisiso, athe sefelapelwana se bontsha bothoto.


Ya nang le mamello o molemo ho feta ya dikgoka, ya itshwarang ha a halefile o feta ya hapang motse.


Se potlakele ho isa motho ka kgotla, esere mohaeno a o tlontlolla, wa qetella o se na seo o ka se etsang.


Se ke wa re: “Ke hobaneng ha tshiu tsa kgale di bile molemo ho feta tsa kajeno?” Ho botsa potso ena ke ho hloka bohlale.


Ka baka leo, oho, Morena, mpe o mpolaye, hobane ho molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”


Ha letsatsi le tjhaba, Modimo a tsosa moya o tjhesang, o hlahang botjhabela, mme letsatsi la bataola Jonase hloohong, hoo a bileng a akgeha. A itakaletsa lefu, a re: “Ho ka ba molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”


Empa Modimo a botsa Jonase, a re: “Na ke hantle ha o kgenne ka baka la sefate see?” Jonase a mo araba, a re: “E, ke hantle, ebile ke kgenne hoo nka nnang ka shwa.”


Herodiase o ne a qophile Johanne, mme a rata ho mmolaya, a mpa a sitwa.


Ngwanana a tswa, a re ho mmae: “Ke kope eng?” Mmae a re: “Hlooho ya Johanne Mokolobetsi.”


Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos