Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 7:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mohlang oo, ho tla tluwa ho wena, ho tswa Assiria ho isa metseng ya Egepeta, le ho tloha Egepeta ho isa nokeng, le ho tloha lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho tloha thabeng e nngwe ho isa thabeng e nngwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Mohla tsatsi leo batho ba tla tla ho lona, ba tle ba etswa Asiria le Egepeta, ba etswa Egepeta, ba etswa Euferatese; ba tle ba etswa mawatleng wohle, ba tle ba etswa dithabeng tsohle.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 7:12
15 Referencias Cruzadas  

Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.


Mmila o tla ba teng ho masala a setjhaba sa hae a tla phonyoha Assiria, jwalokaha o bile teng ho Iseraele mohla a tlohang lefatsheng la Egepeta.


Ke tla re ho leboya: Busetsa; le ho borwa: O se ke wa thibela; o kgutlisetse bara ba ka ba dinaheng tse hole, le baradi ba ka dipheletsong tsa lefatshe;


Bonang, ba tla ba etswa hole; bonang, ba bang ba tswa leboya le bophirimela, ba bang ba tswa naheng ya Sinime.


Mme nna, ke tla bokella tse setseng tsa mohlape wa ka mafatsheng wohle moo ke di hasanyeditseng teng, ke tla di busetsa makgulong a tsona, di tle di ngatafale, di ate.


Mehleng eo, ntlo ya Juda e tla tsamaya le ntlo ya Iseraele; ba tla tswa hammoho lefatsheng la Leboya, ho ya lefatsheng leo ke le ruisitseng bontata lona.


Bonang, ke tla ba lata lefatsheng la Leboya, ke ba bokelle dipheletsong tsa lefatshe, sefofu se leng hara bona le sehlotsa, moimana le motswetse hammoho; ba tla kgutlela kwano e le bongata bo boholo.


Empa wena, o se ke wa tshaba, mohlanka wa ka, Jakobo, o se ke wa tshoha, Iseraele, hobane bona, ke tla o lopolla le lefatsheng le hole, ke lopolle le ditloholo tsa hao lefatsheng la kgoleho ya bona: Jakobo o tla boya, a dule, a iketle, a sa tshoswe ke motho.


Mohlang oo, ke tla medisetsa ntlo ya Iseraele lenaka, mme wena, ke tla o nea molomo o ahlamileng hara bona, hore ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


mme o tla re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke tla ya nka bana ba Iseraele ditjhabeng tseo ba ileng ho tsona, ke ba phuthe ka nqa tsohle, ke ba busetse naheng ya bona.


Ba tla itlhahanela jwaloka nonyana, ba etswa Egepeta, le jwaloka leeba, ba etswa lefatsheng la Assiria; mme ke tla ba ahisa matlung a bona, ho bolela Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos