Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 7:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Letsatsi la ho haha marako a hao le atametse; tsatsing leo, taelo ya ho o senya e tla tloswa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Tsatsi le tla fihla la ho tsosa marako a motse, tsatsi la ho atolosa meedi ya lona.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 7:11
12 Referencias Cruzadas  

Yaba ke re ho bona: Le bona tsietsi eo re leng ho yona, kamoo Jerusalema a senyehileng kateng, le kamoo mamati a teng a dutseng a tjhele kateng. Tloong, ha re tsoseng lerako la Jerusalema, re tle re se hlole sekgobong.


Hape, nke ke newe lengolo le yang ho Asafe, mohlahlobi wa moru wa morena, hore a tle a nnee difate tsa ho etsa mamati a menyako ya qhobosheane eo e leng ya ntlo ya Jehova, le a marako a motse, le a ntlo eo ke tla dula ho yona. Morena a mpha mangolo ao, kamoo letsoho le molemo la Modimo wa ka le neng le ntse le le ho nna kateng.


Tobia Moammone, ya neng a eme pela hae, a re: Mme seo ba se hahang, leha phokojwe e ka hlwella teng, e ka heletsa lerako la bona la majwe!


Ra tsosa lerako jwalo, mme lerako lohle la kopanngwa ho isa bohareng ba lona; haele setjhaba, se ne se rata ho sebetsa.


Wena ya madimabe, ya otlilweng ke difefo, ya sa tshedisweng ke motho, bona, ke tla kgabisa majwe a hao ka sebilo, ke o thee hodima safire.


O atolose setsha sa tente ya hao, o menolle masela a boaho ba hao, o se ke wa hana, o lelefatse dithapo tsa hao, o tiise dithakgisa tsa hao.


Ditloholo tsa hao di tla tsosa masupi a boholoholo; o tla tsosa metheo ya kgale, mme o tla rewa motsosi wa dikgeo, le molokisi wa diterata tse ka ahuwang.


Ba tla tsosa marako a kgale, ba tsose masupi e senyehileng kgale, ba ntjhafatse metse e senyehileng, esaleng e le dithako mehleng ya kgale.


Tseba ke hona, o utlwisise hore, ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsoswa, o hahuwe, ha e tswile, ho fihlisa ho motlotsuwa Morena, ho tla feta veke tse supileng; ka veke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi, motse o tla tsoswa, o hahuwe le mapatlelo a wona, le marako a wona, empa e tla ba ka matsatsi a mahlomola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos