Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 11:48 - Sesotho 1909/1961 (SO)

48 le fela le iketsa dipaki le ho dumela diketso tsa bontata lona; hobane ba ba bolaile, mme lona, le haha mabitla a bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

48 Kahoo le dipaki, mme le dumellana le diketso tsa bo-ntata lona, hobane bona ba ile ba ba bolaya, athe lona le haha diemahale tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

48 Ruri le dipaki tsa hore le dumella diketso tsa bontata lona; hobane ke bona ba ileng ba ba bolaya, mme lona le haha mabitla a bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

48 Ruri le dipaki tsa hore le dumella diketso tsa bontata lona; hobane ke bona ba ileng ba ba bolaya, mme lona le haha mabitla a bona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 11:48
14 Referencias Cruzadas  

Empa ba nna ba soma ka manqosa a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa wona, ba tsheha baporofeta ba wona, ho fihlela kgalefo ya Jehova e ba e phahamela setjhaba sa wona, ho se ho se kamoo ho ka thuswang kateng.


molomo wa hao ke wona o o tswang, e seng nna; melomo ya hao ke dipaki tse o qosang.


maleme a bona ke wona a tla ba ahlola; bohle ba ba bonang ba tla tsokotsa dihlooho.


Lona le re: Mora motho eo ha a jare keng molato wa bokgopo ba ntatae hammoho le yena? Tjhe, mora hae o entse ka taelo le ka ho loka, o bolokile dikomelo tsohle tsa ka, o ile ka tsona; efela o tla phela.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le jwaloka mabitla a kwetlisitsweng, a nang le ponahalo e ntle kantle, kanthebo, kahare, a tletse masapo a bafu le ho bola hohle.


Le ikahlola jwalo hobane le le bana ba ba bolaileng baporofeta,


Ho madimabe lona, hobane le haha mabitla a baporofeta ba bolailweng ke bontata lona;


E sa le ka baka leo bohlale ba Modimo bo boletsweng, ba re: Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba tla bolaya ba bang ho bona, ba hlorise ba bang;


Mme leha ba tsebile kahlolo ya Modimo, e reng ba etsang tse jwalo ba tshwanetse ho shwa, ho di etsa ba di etsa, ba bile ba emela ba di etsang le hona.


Banabeso, nkang mohlala wa mahlomola le wa sebete ho baporofeta ba buileng ka lebitso la Morena.


Joshua a re ho setjhaba: Ho ipaketse lona hore le ikgethetse Jehova ho mo sebeletsa. Ba re: Ho ipaketse rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos