Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 11:49 - Sesotho 1909/1961 (SO)

49 E sa le ka baka leo bohlale ba Modimo bo boletsweng, ba re: Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba tla bolaya ba bang ho bona, ba hlorise ba bang;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

49 Ka baka leo, Modimo, ka bohlale ba hae, o ile a re: ‘Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba bang ba bona ba tla bolawa, le ho hloriswa,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

49 Ka baka leo, bohlale ba Modimo bo itse: Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba tla bolaya ba bang, ba hlorise ba bang ho bona;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

49 Ka baka leo, bohlale ba Modimo bo itse: Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba tla bolaya ba bang, ba hlorise ba bang ho bona;

Ver Capítulo Copiar




Luka 11:49
27 Referencias Cruzadas  

Esale mohla ke ntshang bontata lona moholo lefatsheng la Egepeta ho fihlela tsatsi lena, nkile ka nna ka le romela bahlanka ba ka kaofela ba baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa ka tsatsi le leng le le leng, mme ke ba roma.


Ba bang ba tshwara bahlanka ba hae, ba ba omanya, mme ba ba bolaya.


le fela le iketsa dipaki le ho dumela diketso tsa bontata lona; hobane ba ba bolaile, mme lona, le haha mabitla a bona.


ho tle ho bolelwe ka lebitso la hae pako le tshwarelo ya dibe ho ditjhaba tsohle, ho qala ka Jerusalema.


Ba tla le leleka masinagogeng; esita le nako e a tla, eo e mong le e mong ya le bolayang a tla hloma eka o sebeletsa Modimo.


Empa le tla fuwa matla mohla Moya o Halalelang o tlang ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ya Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.


Mehleng eo, baporofeta ba bang ba theoha Jerusalema, ba tla Antioke.


Le mohla ho neng ho tshollwa madi a Setefane, paki ya hao, le nna ke ne ke le teng, ka dumela polao ya hae, mme ka lebela dikobo tsa ba mmolayang.


Yaba ba phahamisa mantswe, ba howa, ba ithiba ditsebe, mme ba itihela hodima hae hammoho.


Empa Saule o ne a ntse a hlorisa kereke, a kena ka matlung, a hulela banna le basadi kantle, a ba kenya teronkong.


Empa ho ba bitsitsweng, leha e le ba Bajuda, leha e le ba Bagerike, Kreste ke matla a Modimo le bohlale ba Modimo.


Mme ke ka wona lona le leng ho Jesu Kreste, ya entsweng ke Modimo bohlale ba rona, le ho loka ha rona, le kgalalelo ya rona, le topollo ya rona:


Mme esale yena ya beileng ba bang baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba Evangeli, ba bang badisa le baruti,


eo matlotlo kaofela a bohlale le a tsebo a patilweng ka ho yena.


Erekaha ba tsholotse madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba file madi ho nwa; hobane ho ba loketse.


Nyakallang ka baka la wona, wena lehodimo, le lona bahalaledi, baapostola, le baporofeta, hobane Modimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka yona!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos