Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 11:48 - BIBELE

48 Kahoo le dipaki, mme le dumellana le diketso tsa bo-ntata lona, hobane bona ba ile ba ba bolaya, athe lona le haha diemahale tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

48 le fela le iketsa dipaki le ho dumela diketso tsa bontata lona; hobane ba ba bolaile, mme lona, le haha mabitla a bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

48 Ruri le dipaki tsa hore le dumella diketso tsa bontata lona; hobane ke bona ba ileng ba ba bolaya, mme lona le haha mabitla a bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

48 Ruri le dipaki tsa hore le dumella diketso tsa bontata lona; hobane ke bona ba ileng ba ba bolaya, mme lona le haha mabitla a bona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 11:48
14 Referencias Cruzadas  

Empa ba soma maqosa ao a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa hae, ba bapala ka baporofeta ba hae, ho fihlela kgalefo ya Morena e ba tlokomela hoo ho neng ho se ho se pheko.


Ha o tsuwe ke nna, o tsuwa ke dipuo tsa hao, molomo wa hao ke wona pakimotshwaedi.


Empa Modimo o ba fula ka metsu ya hae, o ba hlaba ka ho ba tsometsa.


“Empa lona le a botsa, le re: ‘Ke hobaneng ha mora a sa jariswe bokgopo ba ntatae?’ Ha mora a entse ho lokileng, ho nepahetseng, a bolokile ditaelo tsa ka, a di phethile, ruri o tla phela.


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le jwaloka mabitla a kwetlisitsweng, a tadimehang a kgahleha kantle, empa kahare a tletse masapo a bafu le dibodu tsohle.


Ka baka leo, le a ipaka hore le bara ba babolai ba baporofeta.


“Le madimabe, hobane le haha diemahale tsa baporofeta ba bolailweng ke bo-ntata lona.


Ka baka leo, Modimo, ka bohlale ba hae, o ile a re: ‘Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba bang ba bona ba tla bolawa, le ho hloriswa,


Leha ba tseba hantle taelo ya Modimo e reng ba etsang tse jwalo ba lokelwa ke lefu, ha ba di etse e le bona feela, empa ba bile ba thoholetsa le ba bang ba di etsang.


Bana beso, inkeleng mohlala wa ho tiisetsa mathata le ho mamella ho baporofeta, ba neng ba bua lebitsong la Morena.


Joshua a boela a re ho setjhaba: “Lona, ka bolona, le a ipakela hore le ikgethetse ho sebeletsa Morena!” Sa re: “E, re dipaki!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos