Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 6:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 kapa ntho efe le efe eo a hlapantseng ka leshano hodima yona, o tla e busa kaofela ha yona, a eketse hodima yona bohlano bo bong, mme o tla e busetsa ho monga yona ka letsatsi leo ho fumanweng molato wa hae ka lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Le ntho efe le efe eo a e hlapanyeditseng ka leshano, o tla e busetsa ka ho tlala, a be a eketse ka karolo tse mashome a mabedi ho tse lekgolo; a e nee mong a yona mohla a ipoletseng hore o molato.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 6:5
16 Referencias Cruzadas  

Haele konyana, a ke a e lefe ka tse nne, hobane o entse taba ena le ho hloka mohau.


le ho tlisa tlung ya Jehova dilopotsiya tsa lefatshe la rona, le dilopotsiya tsohle tsa difate tsohle, ka selemo se seng le se seng,


Ekare ha motho a utswa kgomo, kapa konyana, a e hlaba, kapa a rekisa ka yona, o tla busa kgomo tse hlano hodima kgomo, le dinku tse nne hodima konyana.


Ekare ha ntho e utswitsweng e fumanwa matsohong a lona e ntse e phela, kapa e leng kgomo, kapa esele, kapa konyana, o tla e lefa habedi.


Ekare ha motho a nea wa habo ditjhelete, kapa mesebetsi ho e boloka, mme e utsuwa tlung ya motho eo, ha leshodu le ka fumanwa, le tla lefa habedi.


Haele tabeng efe le efe ya molato wa kgomo, kapa wa esele, kapa wa konyana, kapa wa seaparo, leha e ka ba wa ntho e lahlehileng eo ho ka thweng, ke yona ntho e tsekwang ke batho bao ba babedi, e tla tliswa pela Modimo; eo Modimo o tla re, o molato, o tla lefela wa habo habedi.


Aarone a tjhesetse ho yona ka hosasa ho hong le ho hong dibano tse monko o monate; a di tjhese ha a lokisa dilampi.


Ho itima dijo hoo ke ho ratang, na hase hore o tlamolle mahlaahlela a bolotsana, o kgaole marapo a joko, o lokolle ba etseditsweng boima, o robe dijoko kaofela na?


Ke moo o tlang ho bitsa, mme Jehova o tla araba; o tla howeletsa ho yena, mme o tla re: Ke nna enwa. Ha o fela o lesa ho jarisa motho boima, ho supa ka monwana, le ho etselletsa;


ha molotsana a ka busa tebeletso, a busa seo a se utswitseng, a tsamaya ka dikomelo tsa bophelo, a sa etse bokgopo, kannete o tla phela, ha a ka ke a shwa.


O tla busa jwalo theko ya ntho eo a e fothileng ho tse halalelang, mme o tla e ekeletsa ka bohlano ba yona. O tla e nea moprista; moprista o tla mo etsetsa pheko ka pheleu e ntshitsweng, e be sehlabelo sa molato, mme o tla tshwarelwa.


Empa Sakea a ema, a re ho Morena: Bona, Morena, leruo la ka ke le arolela mafutsana kalehare; mme ha ke amohile motho ntho e nngwe ka thetso, ke busetsa ho yena tse nne.


Mponeng, ke nna enwa; le mpakele pontsheng ya Jehova le pontsheng ya motlotsuwa wa hae: na ke nkile kgomo ya mang? kapa ke nkile esele ya mang? ke jele ntho ya mang? kapa ke tshwentse mang? kapa ke matsohong a mang ke amohetseng moputso hore ke foufatse mahlo a ka ka wona? Mpolelleng hle ke tle ke le kgutlisetsa ntho tseo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos