Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 6:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 O tla tlisetsa Jehova sehlabelo sa hae sa molato, e leng pheleu e sa neng sekodi e kgethilweng mohlapeng, ka tekanyetso ya hao e le sehlabelo sa molato se tlisetswang moprista.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 A tlisetse Morena nyehelo ya hae e tlosang molato. E be pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hae. Ke wena ya tla lekanya theko ya yona, e be yona nyehelo e tlosang molato, e tliswang ho moprista.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 6:6
8 Referencias Cruzadas  

Bona ba ntsha matsoho, ba itlama jwalo hore ba tla kgutlisa basadi ba bona; mme kahobane ba ne ba le molato, ba hlabela molato wa bona sehlabelo sa pheleu e ntjha.


le ho tlisa tlung ya Jehova dilopotsiya tsa lefatshe la rona, le dilopotsiya tsohle tsa difate tsohle, ka selemo se seng le se seng,


haele kamore e tadimileng nqa leboya ke ya baprista ba lebelang dintho tsa aletare. Ke bara ba Tsadoke, e leng bao hara bara ba Levi ba atamelang Jehova ho etsa tshebeletso ya hae.


Moprista o tla nka e nngwe ya dikonyana tse tona, eo a tlang ho e hlahisa le loge ya ole, e be sehlabelo sa molato, mme o tla di tsokotsa, e be kabelo e tsokoditsweng pela Jehova.


Ekare ha e mong a etsa ho sa lokang, mme a seba ka ho se tsebe, ka ho fotha ntho ho tse kgethetsweng Jehova, o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato wa hae, e leng pheleu e se nang sekodi ya mohlape wa hae, ka ho ya ka tekanyetso eo o tla e lekanya ka dishekele tsa silefera, e leng ka shekele ya sehalalelo, e be sehlabelo sa molato.


O tla tlisa ho moprista pheleu e se nang sekodi, e nkilweng mohlapeng wa hae ka tekanyetso ya hao, e be sehlabelo sa molato. Moprista o tla mo etsetsa pheko ka baka la molato wa hae, oo a o entseng a sa tsebe, mme o tla tshwarelwa.


Empa ha a ka sitwa ho ntsha nku kapa podi ka baka la ho fumaneha, o tla hlahisetsa Jehova, ho etsa sehlabelo sa molato ka baka la sebe seo a se entseng, maebakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a mabedi a maeba, le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos