Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 6:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 ha a ka etsa sebe se jwalo, a etsa molato, o tla busa seo a se utswitseng, kapa seo a se nkileng ka mano, kapa se neng se beilwe ho yena, leha e le ntho eo a e thotseng, e neng e lahlehile;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ha motho a entse sebe, mme a fumanwa a le molato, o tla busetsa seo a se utswitseng, kapa seo a se fumaneng ka ho hanyapetsa, kapa ntho e neng e bolokilwe ho yena, kapa ntho e neng e lahlehile, eo a e fumaneng.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 6:4
20 Referencias Cruzadas  

Empa Abrahama a nyatsa Abimeleke ka baka la sediba sa metsi seo bahlanka ba Abimeleke ba neng ba se nkile ka manganga.


Hona kajeno, busetsang ho bona masimo a bona, le merara ya bona, le mehlware ya bona, le matlo a bona, le karolo ya lekgolo ya tjhelete, le ya koro, le ya veine e ntjha, le ya ole, eo le e nkileng ho bona ka mokgwa wa phahello.


Hobane o tubile basenyehi, o ba lahlile; mme leha a sentse matlo ka mano, ha a ka ke a a tsosa.


Ho suthiswa majwe a mekolokotwane; ho hapuwa mehlape, e aloswa ke ba e hapileng.


Bolepo ba bona bo ke ke ba etswa diaparo, ba ke ke ba ikapesa ka mesebetsi ya bona, hobane mesebetsi ya bona ke mesebetsi ya bolotsana; kgalefo le tshenyo di matsohong a bona.


a tuba mohlomohi le mofutsana, a tlatlapa, a sa kgutlise tebeletso, a lelaletsa mahlo a hae ditshwantshong, a etsa tse manyala,


Empa ntatae, kahobane a tubile ngwanabo hampe, a mo tlatlapile, a entse se se nang botle hara setjhaba sa habo, bonang, o tla shwa ka bokgopo ba hae.


leha a sa tube motho, mme a kgutlisa tebeletso e ntsheditsweng molato, a sa tlatlape, a nea molapi bohobe ba hae, a apesa ya hlobotseng diaparo,


ha molotsana a ka busa tebeletso, a busa seo a se utswitseng, a tsamaya ka dikomelo tsa bophelo, a sa etse bokgopo, kannete o tla phela, ha a ka ke a shwa.


Leha ba tswela lebaleng le kantle, ke re lebaleng le kantle la setjhaba, ba tla hlobola diaparo tsa bona tseo ba sebetsang ka tsona, ba di bee dikamoreng tse halalelang, ba apare meaparo esele, hore ba se ke ba halaletsa setjhaba ka meaparo ya bona.


Mang le mang ya bolayang kgomo, o tla bea e nngwe sebakeng sa yona: bophelo bo lefjwe ka bophelo.


Ya bolayang kgomo, o tla bea e nngwe sebakeng sa yona, empa ya bolayang motho, o tla bolawa.


ke re, poho kaofela, e tla hulelwa kantle ho diahelo, nqalong e hlwekileng, thotobolong ya melora, mme o tla e tjhesa ka patsi feela; e tla tjheseletswa thotobolong ya melora.


Ha ba tsebe ho etsa ho lokileng, ho itswalo ke Jehova, bao ba bokellang kgapo le tshenyo matlung a bona.


Ba lakatsa masimo, ho a hapa, le matlo, ho inkela wona: ba hatakela monna le ntlo ya hae, motho le lefa la hae.


hape, tsatsing leo, ke tla kgalemela bohle ba tlolang sefate se monyako, ba tlatsang ntlo ya morena wa bona ka tse hapilweng ka bohoroso le ka thetso.


Mme le re: A ntho e kgathatsang! le bile le tshwela hodima yona, ho bolela Jehova wa makgotla; le tlisa se utswitsweng, le se hlotsang, le se kulang, le etsa sehlabelo ka tsona! Na ke tla se amohela matsohong a lona? ho botsa Jehova.


ba tla bolela sebe se entsweng ke bona, mme ba tla busa ntho kaofela e hlahisitseng molato, ba e ekeletse ka bohlano ba yona, mme ba tla e nea eo ba mo sitetsweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos