Levitike 6:4 - BIBELE4 Ha motho a entse sebe, mme a fumanwa a le molato, o tla busetsa seo a se utswitseng, kapa seo a se fumaneng ka ho hanyapetsa, kapa ntho e neng e bolokilwe ho yena, kapa ntho e neng e lahlehile, eo a e fumaneng. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)4 ha a ka etsa sebe se jwalo, a etsa molato, o tla busa seo a se utswitseng, kapa seo a se nkileng ka mano, kapa se neng se beilwe ho yena, leha e le ntho eo a e thotseng, e neng e lahlehile; Ver Capítulo |
Ke a le kopa hle: Hona jwale kgutlisetsang batho bana masimo a bona, le dirapa tsa bona tsa morara, le dirapa tsa bona tsa mohlwaare, le matlo a bona, le karolo e le nngwe, ho tse lekgolo, ya tjhelete ya bona, le ya koro ya bona, le ya veine ya bona, le ya ole ya bona, e leng tswala ya dintho tseo le di nkileng ho bona.”