Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 5:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ekare ha motho a ama ntho efe le efe e ditshila ya motho e mong, leha a sa ka a tseba, ha a qala ho tseba, eba o molato.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 “ ‘Ha motho a ama motho ya sesila, e ka ba sesila sa mofuta ofe le ofe se mo silafaditseng, mme a sa tsebe, ha a elellwa o tla ba molato.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 5:3
10 Referencias Cruzadas  

Ka letsatsi leo a tla kena sehalalelong, lebaleng le kahare, ho sebetsa sehalalelong, o tla hlaba sehlabelo sa hae sa sebe: ho bolela Morena Jehova.


Moprista o tla tadimisisa leqeba letlalong la mmele wa hae; ekare ha mohwete wa leqeba o sweufetse, mme leqeba le phobetse ho feta letlalo la mmele wa hae, ke bohloko ba lepera; moprista ya mmoneng, o tla mmolela hoba o sesila.


Leha motho a amile, a sa tsebe, ntho e sa hlwekang, jwaloka setopo sa phoofolo e sa hlwekang, e le setopo sa phoofolo ya naha kapa sa e ruilweng, kapa setopo sa sehahabi, o itshilafaditse, o molato.


Ekare ha motho a itlama feela ka molomo, mme a hlapanya hore o tla etsa bobe, kapa botle, ka mokgwa ofe le ofe oo motho a ka buang ka wona, leha a sa ka a lemoha, ha a qala ho lemoha, eba o molato.


Motho ya amileng ntho efe le efe e sa hlwekang, kapa sesila sa motho, kapa phoofolo e sa hlwekang, leha e le ntho e nngwe le e nngwe e manyala, e ditshila, ha a ka ja nama ya sehlabelo sefe le sefe sa teboho, e leng sa Jehova, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Tsohle tse amileng ya sa hlwekang di tla silafala, mme motho ya mo amileng, etlaba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos