Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 5:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ekare ha motho a itlama feela ka molomo, mme a hlapanya hore o tla etsa bobe, kapa botle, ka mokgwa ofe le ofe oo motho a ka buang ka wona, leha a sa ka a lemoha, ha a qala ho lemoha, eba o molato.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 “ ‘Ha motho a hlapanyetsa bobe kapa botle a sa imamela hantle, e ka ba eng kapa eng eo a e hlapanyetsang, feela a sa tsebe, ha a elellwa o tla ba molato wa e nngwe ya dintho tsena.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 5:4
25 Referencias Cruzadas  

Morena a mpa a qenehela Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ka baka la kano ya Jehova e neng e le mahareng a bona, mahareng a Davida le Jonathane, mora Saule.


A re: Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha hlooho ya Elisha, mora Shafathe, e sa dula hodima hae kajeno!


hobane ba halefisa moya wa hae, mme a bua ka molomo wa hae ka potlako.


Ka mokgwa o jwalo, moprista o tla etsetsa motho eo pheko ka baka la sebe seo a se entseng tabeng e nngwe ya tseno, mme o tla tshwarelwa. Se setseng e tla ba sa moprista, jwaloka ha ho etswa ka nyehelo.


Ekare ha motho a ama ntho efe le efe e ditshila ya motho e mong, leha a sa ka a tseba, ha a qala ho tseba, eba o molato.


Etlare hoba mosadi a nyalwe a se a ikanne kapa a itlamile ka lentswe le leng le phonyohileng molomong wa hae,


empa ha monna a mo nyatsa ka tsatsi leo a di utlwileng, o tla fedisa boikano boo a bo entseng, le lentswe le phonyohileng molomong wa hae leo a itlamileng ka lona; mme Jehova o tla mo tshwarela.


Yaba o mo hlapanyetsa ka kano, a re, o tla mo nea ntho eo a ka e qelang, leha e ka ba eng le eng.


Morena a swaba; empa ka baka la kano ea hae, le ka baka la ba dutseng dijong le yena, a laela hore a e newe.


A mo hlapanyetsa, a re: Ntho eo o ka e kopang, ke tla o fa yona, leha e ka ba le ho o arolela mmuso wa ka kalehare.


Eitse hobane bo se, Bajuda ba bang ba etsa morero, mme ba itlama ka ho hlapanya, ba re, ba ke ke ba enwa, leha e le ho ja, ba eso ho bolaye Pauluse.


Banna bao ba re ho yena: Ho phela ha rona, ho ke ho neelwe lefu bakeng sa lona! Ha le sa hlahise taba ena ya rona, etlare ha Jehova a se a re neile lefatshe, ruri re tla o etsa ka botle le ka nnete.


Joshua a etsa kgotso le bona, a hlaba selekane le bona, sa ho ba tlohela ba phela; mme hlooho tsa phutheho tsa itlamela hona ka kano.


motho ya tla tswa menyakong ya ntlo ya ka ho tla nkgahlanyetsa, mohla ke kgutlang ka kgotso ke hlotse bana ba Ammone, e tla ba wa Jehova, mme ke tla mo etsa setjheso.


Haele rona, re ke ke ra ba neela baradi ba rona nyalong, kahobane bana ba Iseraele ba hlapantse ka ho re: Ho rohakwe ya tla nea Babenjamine mosadi.


Re tla ba etsetsa jwang hore re nee ba setseng basadi, haele moo re hlapantse ka Jehova, ra re, re ke ke ra ba neela baradi ba rona e be basadi ba bona?


ha le tiisa, le re kajeno le entse Jerubbaale le ntlo ya hae ka nnete le ka bokgabane, thabelang Abimeleke, le yena a ke a le thabele!


A itlama ka kano, a re: Jehova wa makgotla, ha o ka tadimisisa bohloko ba lekgabunyane la hao, leha o ka nkgopola, o sa lebale lekgabunyane la hao, leha o ka fa lekgabunyane la hao ngwana e motona, ke tla mo neela Jehova ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae, mme lehare ha le ka ke la mmeola hlooho.


Modimo o etse dira tsa Davida ka hore le ka hore, ha nka siya letho leha le le leng la hae, kapa monna, ha bo esa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos