Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 5:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Leha motho a amile, a sa tsebe, ntho e sa hlwekang, jwaloka setopo sa phoofolo e sa hlwekang, e le setopo sa phoofolo ya naha kapa sa e ruilweng, kapa setopo sa sehahabi, o itshilafaditse, o molato.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 “ ‘Ha motho a ama ntho e sa hlwekang, leha e se ka morero, e ka ba sefifi sa phoofolo, kapa sefifi sa kgomo, kapa sefifi sa sehahabi se sa hlwekang, kapa ntho eo a sa e bonang, mme eba o a silafala, o tla ba molato.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 5:2
16 Referencias Cruzadas  

Ke mang ya ka lemohang diphoso tsa hae kaofela? O ntshwarele tse nkgakileng!


Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama ditshila, tswang hara bona! Itlhatsweng, lona ba jarang dipitsa tsa Jehova!


E hle e be manyala ho lona. Le se ke la ja nama ya tsona; le ditopo tse shweleng tsa tsona e ke e be manyala ho lona.


Le se ke la ja nama ya tsona, leha e le ho ama ditopo tse shweleng tsa tsona; di tla ba ditshila ho lona.


Ha ekaba ke phutheho ya Iseraele kaofela e wetseng sebeng ka ho se tsebe le ka ho se lemohe, e tlotse o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, mme ho entswe molato:


Ekare ha e mong a etsa sebe, a sa tsebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, o molato, mme o tla jara molato wa hae.


Ekare ha motho a ama ntho efe le efe e ditshila ya motho e mong, leha a sa ka a tseba, ha a qala ho tseba, eba o molato.


Ekare ha motho a itlama feela ka molomo, mme a hlapanya hore o tla etsa bobe, kapa botle, ka mokgwa ofe le ofe oo motho a ka buang ka wona, leha a sa ka a lemoha, ha a qala ho lemoha, eba o molato.


Motho ya amileng ntho efe le efe e sa hlwekang, kapa sesila sa motho, kapa phoofolo e sa hlwekang, leha e le ntho e nngwe le e nngwe e manyala, e ditshila, ha a ka ja nama ya sehlabelo sefe le sefe sa teboho, e leng sa Jehova, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Yaba Haggai o re: Ha motho ya silafatseng ka baka la mofu a ama e nngwe ho ntho tseo, na e tla silafala na? Baprista ba araba, ba re. E tla silafala.


Tsohle tse amileng ya sa hlwekang di tla silafala, mme motho ya mo amileng, etlaba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi, hobane le jwaloka mabitla a sa bonahaleng, ao batho ba a hatang ba sa tsebe.


Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,


le yona kolobe, hobane leha tlhako tsa yona di arohane, ha e thuise; e be ditshila ho lona. Le se ke la ja nama ya tsona, mme le se ame ditopo tsa tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos