Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 5:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ekare ha motho, e leng paki e hlapatshitsweng ka molao, a entse sebe ka ho se bolele seo a se boneng ka mahlo, leha e le seo a se tsebang, o tla jara molato wa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 “ ‘Ha motho a bitswa ka molao ho tla fana ka bopaki, mme a hana ho bolela seo a se boneng kapa seo a se tsebang, o molato.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 5:1
22 Referencias Cruzadas  

Morena a re ho yena: Ke tla o antsha hakae, hore o mpolelle nnete feela ka lebitso la Jehova?


Etlare motho ha a sitetswe wa habo, mme a tlangwa ka kano, hore a hlapanye ka yona; ha a etla, a hlapanya pela aletare ena tlung ena,


Morena a re ho yena: Ke tla o antsha ho isa kae hore o mpolelle nnete feela ka lebitso la Jehova?


Hobane makgopo a ka a phahamile ho feta hlooho ya ka, a nkimela ka boima ba wona jwaloka phahlo e thata.


kano ya ho ana ka Jehova e tla bewa mahareng a batho bao ba babedi, hore ho bonwe hore na ha a ka a isa letsoho nthong ya wa habo; monga yona o tla dumela kano, mme ha a ka ke a lefelwa letho.


Ya arolelanang le leshodu o hloile moya wa hae; leha a hlapantshwa, ha a senole letho.


esere mohlomong ha ke kgotshe, ka o latola, ka re: Jehova ke mang na? mohlomong ha ke fumanehile, ka utswa, mme ke tlaela ka lebitso la Modimo wa ka.


Ka baka la mofufutso wa moya wa hae, o tla bona se mo kgodisang; mohlanka wa ka ya lokileng o tla bea ba bangata ho loka ka tsebo ya hae, mme o tla jara makgopo a bona.


Hobane lefatshe le tletse bafebi; lefatshe le lla ke dithohako, makgulo a nahathothe a tjhele. Metsamao ya bona e mebe, matla a bona ke a sa lokang.


Moya o etsang sebe, ke wona o tla shwa. Mora motho eo a ke ke a jara letho la molato wa bokgopo ba ntatae, mme motho a ke ke a jara letho la molato wa bokgopo ba mora wa hae; ho loka ha ya lokileng ho tla ba hodima hae, bokgopo ba e mobe bo be hodima hae le bona.


Bonang, meya yohle ke ya ka; moya wa ngwana le moya wa ntatae ke ya ka hammoho; moya o etsang sebe ke wona o tla shwa.


Ekare ha a sa hlatswe diaparo tsa hae, a sa hlatswe le mmele wa hae, o tla jara boima ba molato wa hae.


Ya tlang ho se ja, o tla jara boima ba molato wa hae, hobane o nyefotse se kgethetsweng Jehova; motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo.


Ekare ha e mong a inkela kgaitsedi ya hae, moradi wa ntatae, kapa moradi wa mmae, ho mo etsa mosadi, mme monna a bona bofeela ba kgaitsedi ya hae, le mosadi a bona bofeela ba kgaitsedie, ke ketso e manyala; ba tla tloswa hara bana ba setjhaba sa habo; monna o apotse bofeela ba kgaitsedie, o tla jara sebe sa hae.


Bolella bana ba Iseraele, o re: Etlare ha motho a tlotse ka ho se tsebe o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa se sa tshwanelang ho etswa:


Ekare ha e mong a etsa ho sa lokang, mme a seba ka ho se tsebe, ka ho fotha ntho ho tse kgethetsweng Jehova, o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato wa hae, e leng pheleu e se nang sekodi ya mohlape wa hae, ka ho ya ka tekanyetso eo o tla e lekanya ka dishekele tsa silefera, e leng ka shekele ya sehalalelo, e be sehlabelo sa molato.


Ekare ha e mong a etsa sebe, a sa tsebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, o molato, mme o tla jara molato wa hae.


Ha ekaba motho a ka leka ho ja nama ya sehlabelo sa hae sa teboho ka letsatsi la boraro, se ke ke sa amohelwa, mme se ke ke sa ballwa ya se entseng; e tla ba ntho e manyala, mme motho ya se jang o tla jara molato wa hae.


Empa haele motho ya hlwekileng, ya seng leetong, ha a sa etse Paseka, motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo; kahobane a sa ka a hlahisa kabelo ya Jehova ka nako e beilweng, motho eo o tla jara sebe sa hae.


Empa Jesu a kgutsa. Yaba moprista e moholo o boela a bua, a re ho yena: Ke u antsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle haeba o Kreste, Mora wa Modimo.


yena ya jereng dibe tsa rona mmeleng wa hae sefapanong, hore re shwe ka nqa ya dibe, re tle re phelele ho loka; eo le fodisitsweng ka matetetso a hae.


A re ho mmae: Dishekele tsa silefera tse sekete se nang le lekgolo, tse utswitsweng ho wena, tseo o kileng wa rohaka ka baka la tsona, wa di bolela ke le teng, bona, tjhelete tseo di ho nna; ke nna ke neng ke di nkile. Mmae a re ho yena: Mora ka a ke a hlohonolofatswe ke Jehova!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos