Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 22:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ba boloke melao ya ka, e se be ba jara boima ba sebe sa bona, mme ba se ka ba eshwa, kahobane ba hlomphollotse dintho tse kgethehileng. Ke nna Jehova ya ba halaletsang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “ ‘Ba tla boloka taelo ya ka, hore ba se ke ba ipelesa sebe ka lebaka la yona, mme ba eshwa, hobane ba e silafaditse.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 22:9
10 Referencias Cruzadas  

Aarone le bara ba hae ba ke ba a tene, ha ba kena tenteng ya pokano, leha ba atamela aletareng, ho phetha tshebeletso ya sehalalelo, ba tle ba se ke ba etsa molato, mme ba se ke ba eshwa; ke taelo e sa feleng, e neilweng yena le ditloholo tsa hae tse tla mo hlahlama.


O tla bea dibano hodima mollo pela Jehova, hore sesi sa dibano se aparele sekwahelo se kwahetseng bopaki, hore a se tlo shwa.


Jehova a re ho Moshe: Bolella moholwane wa hao Aarone, hore a se ke a nna a kena kamehla yohle sehlalelong kamora lesira pela sekwahelo se leng hodima areka, hore a se tlo shwa; hobane ke tla iponahatsa lerung hodima sekwahelo.


Le boloke melao ya ka, mme le se ke la etsa leha o le mong wa mekgwa e manyala e neng e etswa le eso ho kene, mme le se ke la itshela ditshila ka yona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


hobane kahoo ba ka ba jarisa boima ba sebe seo ba ka se etsang, ha ba eja dintho tse kgethehileng; hobane ke nna Jehova ya ba halaletsang.


Bana ba Iseraele ba ke ke ba hlola ba atamela tente ya pokano, esere mohlomong ba ipakela molato, mme ba eshwa.


Le ke ke la bewa molato le o mong bakeng seo, mme etlere ha le nkile se leng molemo, le se ke la senya dikabelo tse kgethehileng tsa bana ba Iseraele, le tle le se tshohe le eshwa.


Mawatla le difofu! ho hoholo keng? Na ke kgauta, kapa a ke tempele e halaletsang kgauta na?


Rata ke hona Jehova, Modimo wa hao, mme o boloke ditemoso tsa hae kamehla, le melao ya hae, le dikahlolo tsa hae, le ditaelo tsa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos