Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 22:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 A se ke a ja ntho e shweleng, kapa e harotsweng, a tle a se ke a ba sesila. Ke nna Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 A se ke a ja nama ya phoofolo e itjhweletseng feela, kapa e harotsweng ke dibatana, hobane e tla mo silafatsa. Ke nna Morena.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 22:8
8 Referencias Cruzadas  

O etse jwalo le ka kgomo ya hao le ka nku ya hao; di tla dula le bomma tsona tshiu tse supileng; ka la boroba meno e le mmedi, o tla nnea tsona.


Ho nna le tla ba batho ba kgethehileng, mme le se ke la ja nama e harotsweng naheng; le tle le e akgele dintja.


Ka mpa ka re: Oho Morena Jehova, bona, moya wa ka ha o eso ho silafale; ha ke eso ho je, ho qala botjheng ba ka le ho fihlela jwale, kapa ntho e shweleng, kapa phoofolo e rusolotsweng, mme ha ho eso ho be nama e putileng e keneng molomong wa ka.


Baprista ba se ke ba eja nama ya ntho tse shweleng, leha e le ya ntho tse harotsweng tsa dinonyana, kapa tsa diphoofolo.


Mang le mang hara ba tswaletsweng ha habo lona, leha e le moditjhaba, ya tlang ho ja ntho e shweleng, leha e le e harotsweng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya; e ntoo ba ya hlwekileng.


Mafura a phoofolo e itjhweletseng, kapa mafura a phoofolo e rusolotsweng, le ka itshebeletsa ho hong hofe le hofe ka wona, empa le wona, le ke ke la a ja.


Le se ke la ja nama ya tse itjhweletseng; o mpe o e nee moditjhaba ya menyakong ya hao, a e je; mohlomong o reke ho moditjhaba ka yona; hobane wena o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao. O se ke wa hladiya potsanyane lebeseng la mma yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos