Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 22:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ha ho moditjhaba ya tlang ho ja dintho tse halalelang; esita le moeti wa moprista, leha e le mohlanka wa hae ya lefjwang, ba ke ke ba eja dintho tse kgethehileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 “ ‘Moditjhaba ofe kapa ofe a se ke a ja dintho tse halalelang; le moeti ya fihletseng ha moprista, kapa mohiruwa, a se ke a ja dintho tse halalelang.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 22:10
11 Referencias Cruzadas  

Mmusisi a ba bolella hore ba se no ja ntho tse halalelang, ho be ho hlahe moprista ya ka emang pela Modimo a tshwere Urime le Thummime.


Jehova a re ho Moshe le ho Aarone: Taelo ya Paseka ke ena: Ha ho motho wa moditjhaba ya tlang ho e ja.


Mojaki, kapa ya tholetsweng moputso, a ke ke a e ja.


ba je tseo pheko e entsweng ka tsona ho ba kgethela tshebeletso, le ho ba hlwekisa; di se ke tsa jewa ke moditjhaba, hobane ke ntho tse kgethehileng.


Ha le a ka la boloka ntho tsa ka tse halalelang tseo ke neng ke di beile matsohong a lona, la mpa la bea baditjhaba bao ho ba etsa balebedi sehalalelong sa ka, ba ntho tseo ke di beileng ho lona, tulong tsa lona.


A ka ja dijo tsa Modimo wa hae, dintho tse kgethehileng haholo le tse halalelang.


Empa ekare ha moradi wa moprista e le mohlolohadi, kapa ya hladilweng, a se na bana, mme a kgutlela tlung ya ntatae ho dula teng jwaloka botjheng ba hae, o tla ja dijo tsa ntatae; empa ha ho moditjhaba ya tlang ho di ja.


O ngole Aarone le bara ba hae, ba tle ba phethe mosebetsi wa boprista ba bona; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.


kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo kateng, a ja mahobe a pontsha, a neng a sa lokele ho jewa ke yana le ke ba nang le yena, e le a baprista ba nnotshi?


Yaba moprista o mo fa bohobe bo kgethehileng, etswe ho ne ho se bohobe teng, haese bohobe ba pontsha bo tlositsweng pela Jehova, hore ho bewe bohobe bo futhumetseng ha bo bong bo tloswa.


Tsatsing leo, e mong wa bahlanka ba Saule o ne a le teng a thibetswe pela Jehova, bitso la hae e le Doege, Moedomo, e le moholo wa badisa ba Saule.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos