Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 19:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Le se ke la rapela medimo ya lefeela, mme le se ke la iketsetsa medimo ya ditshwantsho. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 “ ‘Le se ke la sebeletsa medimo ya bohata, le se ke iketsetsa medimo e bopilweng ka tshepe. Ke nna Morena Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 19:4
19 Referencias Cruzadas  

o entse hampe ho feta bohle ba bileng teng pele ho wena, kamoo o ileng wa iketsetsa medimo esele kateng le ditshwantsho tse tsholotsweng, hore o phephetse kgalefo ya ka, mme wa ntahlela kamora mokokotlo wa hao.


hobane medimo yohle ya ditjhaba ke ditshwantsho feela, empa Jehova o entse mahodimo.


a mpa a tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, a ba a etsetsa boBaale ditshwantsho tse tsholotsweng.


hobane medimo yohle ya ditjhaba ke ditshwantsho feela, empa Jehova o entse mahodimo.


Le se ka la iketsetsa medimo ya silefera, kapa medimo ya kgauta ho e bapisa le nna; le se ke la iketsetsa yona.


Yena a a amohela matsohong a bona, a seta kgauta ka moseto, mme a etsa namane e tsholotsweng. Ba re: Oho Iseraele, modimo wa hao ke oo, o o ntshitseng fatsheng la Egepeta!


O se ke wa iketsetsa modimo o tsholotsweng ka tshepe.


hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona; le tshwanetse ho ikgetha, le be le halalele, hobane ke a halalela; ka baka lena, le tse ke la tshela mmele ya lona ditshila ka tse hahabang fatshe.


Ka selemo sa bohlano le tla itjella ditholwana tsa tsona, mme ya be esale le ikgella tsona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Etlare ha le hlabela Jehova sehlabelo sa teboho, le tla se hlahisa ka mokgwa oo se ka dumelehang ka wona:


Le se ke la iketsetsa medimo ya lefeela; le se ke la ikemisetsa setshwantsho se betlilweng sa lehong, leha e le sa lejwe; le se ke la emisa ditshwantsho tse jwalo naheng ya lona, ho di kgumamela, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Lemohang he pelong tsa lona; ho tloha tsatsing lena, ho kgutlela morao, ho tloha tsatsing la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya boroba mono o le mong, ho isa tsatsing lela leo ntlo ya Jehova e neng e thewe ka lona, batlisisang ditaba pelong tsa lona.


Ka baka leo, baratuwa ba ka, le ke le tshabe tshebeletso ya ditshwantsho.


Ho rohakwe motho ya etsang setshwantsho se betlilweng, kapa se tsholotsweng, e leng ntho e manyala ho Jehova, mosebetsi wa matsoho a sebetli, mme a se bea nqalong e itseng e sephiri! Mme setjhaba sohle se tla dumela, se re: Amen!


esere la itshenya, mme la iketsetsa setshwantsho se betlilweng, e leng setshwantsho sa ntho e nngwe, leha e le setshwantsho sa monna, kapa sa mosadi,


Le tla tjhesa ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bona; o se ke wa lakatsa, mme o se ke wa inkela silefera, leha e le kgauta tse ho tsona, esere hoo ya eba sefi ho wena; hobane ke manyala pela Jehova, Modimo wa hao.


Bana, itshabiseng medimo ya bohata. Amen!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos