Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 19:4 - BIBELE

4 “ ‘Le se ke la sebeletsa medimo ya bohata, le se ke iketsetsa medimo e bopilweng ka tshepe. Ke nna Morena Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Le se ke la rapela medimo ya lefeela, mme le se ke la iketsetsa medimo ya ditshwantsho. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 19:4
19 Referencias Cruzadas  

O entse bokgopo ho feta batho bohle ba bileng teng pele ho wena. O iketseditse medimo e meng ya ditshwantsho tse bopilweng, hore o nkgalefise, mme jwale o mphuraletse.


Medimo yohle ya ditjhaba ke ya bohata, athe Morena yena o entse, o entse mahodimo.


A tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele; a etsa medimo ya bohata ya bo-Baale.


Medimo yohle ya baditjhaba ke mafeelafelane, athe Morena ke yena ya entseng mahodimo.


Le se ke la ba le medimo e meng kantle ho nna; le se ke la iketsetsa medimo ya silefera, kapa medimo ya kgauta.


A nka masale ao matsohong a Baiseraele, a a qhibidihisa, a bopa namane ya kgauta ka wona. Yaba ba re: “Ona ke wona modimo wa hao, wena Iseraele, o o nyolotseng naheng ya Egepeta!”


“O se ke wa iketsetsa medimo e bopilweng.


Ke nna Morena, Modimo wa lona; ka baka leo, le ikgalaletse, mme le tla halalela. Kahoo le se ke la itshilafatsa ka eng le eng e hahabang hodima lefatshe.


Empa ka selemo sa bohlano le ka ja ditholwana tsa sefate seo, hore se tle se le behele ditholwana tse ngata. Ke nna Morena Modimo wa lona.


“ ‘Ha le etsetsa Morena sehlabelo sa teboho, le se etse hore le tle le amohelehe ho yena.


“ ‘Le se ke la iketsetsa medimo ya bohata, le ditshwantsho tse betlilweng, kapa la itlhomela difika tseo le di kgumamelang; le se ke la haha ditshwantsho tsa majwe naheng ya lona, ho di kgumamela, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.


‘Ho tloha kajeno, ho tloha hona ka tsatsi lena la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya borobong, hopolang letsatsi lena leo ka lona ho neng ho etswe motheo wa Tempele ya Morena. Hopolang letsatsi lena hantle:


Ka baka leo, baratuwa ba ka, furallang tshebeletso ya medimo ya bohata.


“ ‘Ho rohakehe ya etsang setshwantsho se betlilweng, kapa se bopilweng ka tshepe, se entsweng ke matsoho a setsebi, mme a se kgumamela sephiring, e leng ntho e manyala ho Morena!’ “Setjhaba sohle se arabele, se re: ‘A ho be jwalo!’


Le se ke la itshilafatsa, la iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se ka bang le sebopeho sefe kapa sefe, se tshwanang le monna kapa mosadi.


“Ditswantsho tse betlilweng tsa medimo ya ditjhaba tseo le di tjhese ka mollo. Silefera kapa kgauta e hodima ditshwantsho tseo le se ke la e tswela pelo, la inkela yona, esere la tshwaswa ke leraba, hobane tseo ke manyala ho Morena Modimo wa lona.


Bana ba ka, itlhokomeleng medimong ya bohata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos