Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 19:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Etlare ha le hlabela Jehova sehlabelo sa teboho, le tla se hlahisa ka mokgwa oo se ka dumelehang ka wona:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 “ ‘Ha le etsetsa Morena sehlabelo sa teboho, le se etse hore le tle le amohelehe ho yena.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 19:5
16 Referencias Cruzadas  

Esekiase a tsosa dihlopha tsa baprista le tsa Balevi dikarolong tsa bona, se seng le se seng ka mofuta wa tshebetso ya sona, e le baprista le Balevi, ho etsa ditjheso le mahlabelo a teboho, ho etsa tshebeletso, le ho rorisa le ho boka Jehova menyakong ya diahelo tsa Jehova.


A roma bahlankana ba bana ba Iseraele ho ya hlaba mahlabelo a ditjheso; ba hlabela Jehova mahlabelo a teboho a dipoho.


Etlere ha morena a etsa sehlabelo ka ho rata, kapa e leng setjheso, kapa e leng sehlabelo sa teboho, ho se etsetsa Jehova, e le sehlabelo sa ho rata, a ke a bulelwe monyako o tadimileng botjhabela, mme setjheso sa hae, kapa sehlabelo sa hae sa teboho, se etswe jwalokaha ho etswa ka letsatsi la Sabatha; a ntoo tswa, mme monyako o kwalwe, ha a tswile.


Morena o tla tla ka tsela ya mathule a monyako, ka nqa kantle, a eme pela dikosene tsa monyako; baprista ba tla hlaba setjheso sa hae le mahlabelo a hae a teboho; o tla kgumama mohatong wa monyako, a ntoo tswela ntle; mme monyako o se ke wa kwalwa ho isa mantsiboya.


Ha sehlabelo sa hae e le setjheso sa kgomo, a hlahise e tona e se nang sekodi, a e hlahise monyako wa tente ya pokano, a tle a amohelwe ke Jehova.


Le se ke la rapela medimo ya lefeela, mme le se ke la iketsetsa medimo ya ditshwantsho. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


se tla jewa ka letsatsi la sehlabelo, leha e le ka le hlahlamang, mme ho ka salang ho isa tsatsing la boraro, ho tla tjheswa ka mollo.


o tla hlahisa ntho e tona e se nang sekodi, e kgethilweng dikgomong tsa lona, kapa dinkung tsa lona, kapa dipoding tsa lona; hore ntho ya hae e ke e dumelehe.


Ekare ha motho a hlahisetsa Jehova sehlabelo sa teboho ka ho phetha kano, kapa nyehelo ya ho ithatela, a nke dikgomong kapa dikgutshwaneng, e be ntho e hlokang sekodi, e tle e dumelehe; ho se ke ha eba sekodi ho yona.


O ka etsa nyehelo ya boithatelo ka kgomo, kapa ka nku e nang le setho se selelele, kapa se sekhutshwanyane; empa ntho e jwalo e ke ke ya dumellwa hore ho tle ho phethwe kano ka yona.


Etlare ha le hlahisetsa Jehova sehlabelo sa teboho, le se hlahise ka mokgwa oo se ka dumelehang ka wona.


Ekare ha motho a hlahisa sehlabelo ho lefa kano eo a anneng ka yona, kapa e le sehlabelo sa boithatelo, nama ya sona e tla jewa ka lona letsatsi la sehlabelo, mme se ka salang se tla jewa hosasane.


Ha ekaba motho a ka leka ho ja nama ya sehlabelo sa hae sa teboho ka letsatsi la boraro, se ke ke sa amohelwa, mme se ke ke sa ballwa ya se entseng; e tla ba ntho e manyala, mme motho ya se jang o tla jara molato wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos