Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 8:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 hobane rona re ba maobane, ha re na tsebo, etswe matsatsi a rona lefatsheng e le moriti feela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Rona ba maobane re hloka tsebo; matsatsi a rona ho lena lefatshe a ka moriti ha o falola.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 8:9
14 Referencias Cruzadas  

Jakobo a re ho Faro: Ditshiu tsa ho jaka ha ka ke dilemo tse lekgolo le mashome a mararo; ditshiu tsa ho phela ha ka di bile kgutshwanyane, di bile mpe, mme ha di a fihla ditshiung tsa dilemo tsa bontate mehleng ya ho jaka ha bona.


Re basele pela hao, re bajaki jwaloka bontata rona kaofela; ditshiu tsa rona lefatsheng e ka moriti; mme ho dula ha ho yo.


Yaba morena Roboame o botsa banna ba baholo ba neng ba eme pela ntatae Salomone, ha a sa phela, a re: Nkeletseng, taba ke efe eo ke tla araba setjhaba sena ka yona na?


Motho ya tswetsweng ke mosadi o na le matsatsi a se makae, mme o kgotshe ditsietsi.


O a mela, o kgaolwa jwaloka palesa, o feta jwaloka seriti, mme ha a hlole a eba teng.


ka re: Ba nang le matsatsi ba tla bolela, ba dilemo tse ngata ba rute bohlale.


Tshiu tsa ka di pomilwe kapele ho fetisa lesika leo molohi a lohang ka lona; di fela ho se tshepo e ntshaletseng.


Ba ka o ruta, ba ka bua le wena, ba ntsha ditaba tse ka dipelong tsa bona:


Matsatsi a ka a jwaloka moriti o otlolohang, ke omella jwaloka jwang.


Empa wena, Jehova, o hlola ka ho sa feleng, mme lebitso la hao le tla hopolwa melokong le melokong.


Motho o tshwana le pudulo, mme matsatsi a hae a ka leswiti le fetang.


Bona, o lekanyeditse ditshiu tsa ka di be jwaloka boahlamo ba seatla; ditshiu tsa ho phela ha ka di jwaloka ntho e leng siyo pela hao; ruri, motho e mong le e mong ya leng teng ke mofehelo feela. (Sela.)


Ha ba na hlalefo, leha e le kutlwisiso; ba tsamaya lefifing; metheo kaofela ya lefatshe e a kgwehla.


Hobane dilemo tse sekete mahlong a hao di jwaloka tsatsi la maobane, ha le se le fetile, le jwaloka tebelo ya bosiu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos