Yaba morena Roboame o botsa banna ba baholo ba neng ba eme pela ntatae Salomone, ha a sa phela, a re: Nkeletseng, taba ke efe eo ke tla araba setjhaba sena ka yona na?
Utlwang taba ena, lona maqheku; le sekehe ditsebe, lona bohle baahi ba lefatshe. Na taba e jwalo e se e kile ya eba teng mehleng ya lona le mehleng ya bontata lona?
Botsa he ditaba tsa mehla ya boholoholo, tsa mohla o neng o sa ntsane o le siyo, ho qala ka tsatsi leo Modimo o neng o bope motho lefatsheng, le ho tloha pheletsong e nngwe ya mahodimo ho isa ho e nngwe, na taba e kalo e se e kile ya hlaha, kapa e jwalo e se e kile ya utlwahala na?