Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 8:9 - BIBELE

9 Rona ba maobane re hloka tsebo; matsatsi a rona ho lena lefatshe a ka moriti ha o falola.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 hobane rona re ba maobane, ha re na tsebo, etswe matsatsi a rona lefatsheng e le moriti feela.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 8:9
14 Referencias Cruzadas  

Jakobo a re ho Faro: “Dilemo tsa bojaki ba ka mona lefatsheng ke lekgolo le mashome a mararo. Dilemo tsa bophelo ba ka di bile kgutshwanyane, tsa eba thata, mme ha di a fihla dilemong tseo bo-ntate ba di phetseng.”


Mahlong a hao re baeti le bajaki, jwaloka bo-ntata rona bohle. Matsatsi a rona, lefatsheng mona, a jwaloka seriti, mme ha ho ya nang le tshepo.


Jwale kgosi Rehoboame a eletsana le bannabaholo bao e neng e le baeletsi ba Solomone, ntatae, ha a sa phela, a re ho bona: “Le nkeletsa hore ke arabe setjhaba see jwang?”


“Motho ya tswetsweng ke mosadi o phela hakgutshwanyane, bophelo ba hae bo aparetswe ke ditsietsi;


o fupuha jwaloka palesa a be a pone, o baleha jwaloka seriti, ebe o nyametse.


Ke ile ka nahana: ‘Eka kgona baholo ba bue, ba lemo di ngata ba rute bohlale.’


Matsatsi a ka a potlaka sa nale ya selohi, a be a fele tshepo yona e nkwekwetla.


Ba tla o jwetsa, ba o rupele, ba o kgokgothele bohlale ba bona.


ka baka la bohale le kgalefo ya hao; hobane o ile wa mphamola, wa nto ntabanya!


Ditshiu tsa ka di tshwana le meriti e theang, ke omella jwaloka jwang.


Motho o tshwana le lefeela, ditshiu tsa hae di jwaloka moriti o fetang.


“Morena, ako ntsebise pheletso ya ka, le bolelele ba matsatsi a ka; a nke ke tsebe hore na bophelo ba ka bo feta kapele hakaakang!


Ha ba na tsebo kapa kutlwisiso, ba itsamaela lefifing, ba sisinya metheo ya toka.


Mahlong a hao dilemo tse sekete di ka letsatsi la maobane le seng le fetile, di ka nakwana ya bosiu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos