Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 8:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ba o hloileng ba tla apeswa dihlong, mme tente ya ba babe e tla lesa ho ba teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Ba o hloileng ba tla apeswa dihlong, malapa a ba kgopo a nyamelle ruri.”

Ver Capítulo Copiar




Jobo 8:22
17 Referencias Cruzadas  

Hobane ntlo ya e mobe e tla nyopa, mme mollo o tla ja moaho wa ya kgopo.


O tshwarwa setshabelong sa tente ya hae, o hulelwa ho morena wa matshabeho.


hobane le re: E kae ntlo ya motubi? E kae tente eo ba bolotsana ba neng ba ahile ho yona?


Ha o boloke bophelo ba molotsana; o ahlolela ba tujwang.


Bokgabane ba bona bo feta le bona; ba shwa, ba eso ho fihlele bohlale.


Ha o ntshwarele tshito ya ka keng, wa tlosa bokgopo ba ka na? Hobane ke se ke ya robala leroleng; o tla mpatla, mme ke tla ba siyo.


o itshetleha ka ntlo ya hae, ha e tiye; o itshwarella ka yona, ha e hlole.


empa ha se ka ntshwa bodulong ba sona, bo tla se latola, bo re: Ha ke a ka ka o bona le ka mohla o le mong!


Yaba Jobo o fetola, a re:


Bahanyetsi ba ka ba tla apeswa ka dihlong, mme kgoboho ya bona e ba kgathumetse jwaloka kobo.


Ke tla apesa dira tsa hae ka dihlong, moqhaka wa hae o tla kganya hloohong ya hae.


A ba ke ba hlabiswe ke dihlong, ba tsielehe bona bohle ba thabelang tsietsi ya ka! Baikakasi ba ntwantshang a ba apeswe ke dihlong le nyediso!


Ntlo ya e mobe e tla ripitlwa; empa motlotlwane wa ba lokileng o tla tiya.


Marena wohle a lewatle a tla theoha diteroneng tsa wona; a tla hlobola dikobo tsa wona, a lahle diaparo tsa wona tse homilweng; a tla apara tshoho, a dule fatshe a ntse a sisimoha, a maketse ke wena.


Morena o tla lla, kgosana e ikapese ka bofifi, matsoho a setjhaba sa lefatshe a thothomele. Ke tla ba etsa ka mekgwa ya bona, ke ba ahlole ka dikahlolo tsa bona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


Ke e ntshitse, ho bolela Jehova wa makgotla, mme e tla kena tlung ya leshodu, le tlung ya ya hlapanyang ka lebitso la ka ka bohata; e tla dula kahara ntlo ya hae, e tle e e fedise, le difate tsa yona, le majwe a yona.


Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos