Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 8:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 O sa tla tlatsa molomo wa hao ka ditsheho, le melomo ya hao ka thabo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 o tla boela a etsa hore o tshehe, molomo wa hao o howe ka thabo.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 8:21
13 Referencias Cruzadas  

Jwale Sara a re: Modimo o mphile ditsheho, mme le bohle, ha ba utlwa, ba tla tsheha le nna.


Tsatsing leo, Baiseraele ba hlaba mahlabelo a maholo, mme ba thaba, hobane Modimo o ne o ba thabisitse ka thabo e kgolo; esita le basadi le bana ba nna ba thaba, thabo ya Jerusalema ya ba ya utlwahala hole.


Empa ha ho ya botsang, a re: Modimo, Mmopi wa ka, o kae,


O tla tsheha tshenyo le tlala, ha o ka ke wa tshaba dibatana tsa naha;


Phahamisetsang ho Jehova mehoo ya lona ya thabo, lona kaofela ba lefatsheng!


Enere Jehova ha a kgutlisa batshwaruwa ba Sione, ho rona ho bile jwaloka toro.


Yaba molomo wa rona o tshela ditlatse tsa thabo, le leleme la rona dipina tsa nyakallo. Ha nna ha thwe hara ditjhaba: Jehova o ba etseditse ntho tse kgolo.


Mojadi o tswela pele a ntse a lla, a jere dipeo tseo a di hasang; o tla kgutla ka thabo a ntse a thotha mangata a hae.


Ithabiseng ka Jehova, le nyakalle ho yena, lona ba lokileng; mme le bine, lona bohle ba pelo tse lokileng!


Lona, mafatshe kaofela, phahamisetsang ho Jehova mehoo ya thabo ya lona! Tshelang ditlatse tsa lona, le mo binele difela tsa nyakallo!


Ho lehlohonolo lona ba lapileng jwale, hobane le tla kgoriswa. Ho lehlohonolo lona ba llang jwale, hobane le tla tsheha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos