21 o tla boela a etsa hore o tshehe, molomo wa hao o howe ka thabo.
21 O sa tla tlatsa molomo wa hao ka ditsheho, le melomo ya hao ka thabo.
Sara a re: “Morena o nketseditse letsheho; e mong le e mong ya utlwang o tla ntsheha.”
Ka lona letsatsi lena Baiseraele ba etsa mahlabelo a mangata, ba thaba, hobane Modimo o ne a ba thabisitse haholo. Basadi, hammoho le bana, le bona ba thaba, hoo ditlatse tsa thabo ya Jerusalema di ileng tsa ya utlwahala hole!
Empa ha ho ya reng: ‘Modimo, Mmopi wa ka, o kae, ya re kgothatsang ka difela bosiu,
o tla tsheha timelo le sekoboto, batana tsa fatshe lena o ke ke be wa di tshaba.
Pesalema ya teboho. Lona ba lefatshe lohle etsetsang Morena mehoo ya thabo,
Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ha Morena a kgutlisa batho ba Sione, a ba kgutlisa bothopuweng, e ne e ka re a lora.
Yaba re keketeha ke ditsheho, maleme a rona a etsa ditlatse. Jwale hara ditjhaba ha thwe: “Morena o ba etseditse tse kgolo.”
Ya tsamayang a lla, a nkile peo e tla jalwa, o tla kgutla ka ditlatse, a nkile mangata a hae.
Thabelang Morena, le nyakalle, le nyakalle lona ba lokileng; le etse ditlatse, lona ba pelo di ntle.
Lona ba lefatshe lohle etsetsang Morena mehoo ya thabo, le tsanyaole, le mo roke ka thabo.
Ho lehlohonolo lona ba lapileng jwale, hobane le tla kgoriswa. Ho lehlohonolo lona ba llang jwale, hobane le tla tsheha.