Mahosana wohle a mabopong a lewatle a tla theoha diteroneng tsa wona, a hlobole diaparo tsa wona tsa bohosana le tse homilweng. A tla dula fatshe a tshohile haholo, a ntse a thothomela ka dinako tsohle, a o makaletse.
Kgosi e tla lla, kgosana e aparelwe ke maswabi, matsoho a setjhaba a tla thothomela. Ke tla ba ahlola ho ya ka boitshwaro ba bona, ke ba ahlole ho ya kamoo ba ileng ba ahlola ba bang kateng. Jwale ba tla tseba hore ke nna Morena.”
Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Thohako ena ke tla e romella. E tla kena ka tlung ya leshodu, e kene le ka tlung ya ya hlapanyang ka leshano ka lebitso la ka. E tla kena ka tlung ya hae, e funtsolle marulelo a yona, e heletse le marako a yona.’ ”
Ka mokgwa o jwalo, lona ba batjha, ikokobeletseng ba baholo. Lona bohle, ebang le maikutlo a boikokobetso, le ikokobetse e mong ho e mong, hobane: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikobobetsi o a ba hauhela.”