Empa, oho Jehova wa makgotla, moahlodi ya lokileng ya lekang matheka le dipelo, ke tla bona boiphetetso ba hao ho bona, hobane ke o laeleditse nyewe ya ka.
Hape, e sa le ka baka leo ke utlwiswang bohloko boo; empa ha ke hlajwe ke dihlong ke hona, kahobane ke tseba eo ke mo dumetseng, mme ke kgolwa ruri hore o na le matla a ho mpolokela seo ke se beileng ho yena, letsatsi lela le be le tjhabe.
Ka baka leo, ba utlwiswang bohloko ka ho rata ha Modimo, ba bee meya ya bona matsohong a wona, kahobane e le Mmopi ya tshepehang, mme ba nne ba tiisetse ho etsa hantle.