Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 5:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 e leng wona o etsang dintho tse kgolo, tse sa fihlelweng, dintho tse makatsang, tse sa balweng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 yena o etsa dikgolo, mafeta-kutliwisiso-ya-motho, o etsa dimakatso, ntlhokapalo ke boiyane.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 5:9
18 Referencias Cruzadas  

Ha ke be nka e emisa, o ne o ya mphallela jwaloka tau, o phethe mehlolo ya hao hodima ka.


Bona, le wona mahlo a ka a bone taba tseo kaofela, tsebe tsa ka di di utlwile, mme di di etse hloko.


Oho Jobo, sekehela taba tseo ditsebe tsa hao; ema, o nahane mehlolo ya Modimo.


Na o utlwisisa ho ebesela ha maru? Na o utlwisisa bohlale ba wona bo phethehileng?


Modimo o duma ka lentswe le tshabehang, o etsa dintho tse kgolo tseo re sitwang ho di utlwisisa.


Ke haele mang ya ka fifatsang merero ya hao ka dipolelo tse se nang kelello? Ke fela ke buile, ke se na kutlwisiso, ke boletse mehlolo e mphetang, eo ke sa e utlwisiseng.


O etsa dintho tse kgolo, tse sa fihlelweng, dintho tse makatsang, tse sa balweng.


Ha ke rata ho e bala, e fetisa lehlabathe ka palo; leha ke phaphama, ke sa ntse ke le ho wena.


Jehova o moholo, o lokelwa ke dithoko tsohle, boholo ba hae ha bo na ho lekanngwa.


Jehova, Modimo wa ka, e kgolo hakakang palo ya mehlolo le ya merero eo o re etseditseng yona! Ha ho ya ka e lokodisang pela hao; leha ke rata ho e bolela le ho e bala, e be e fete palo.


Ha o rate mahlabelo, leha e le dinyehelo; ke moo o ntokisitseng ditsebe; ha o kgahliswe ke ditjheso le mahlabelo a sebe.


Ho roriswe Jehova Modimo, Modimo wa Iseraele, ya etsang dintho tse makatsang a nnotshi!


Hobane o moholo, o etsa meeka, o Modimo o nnotshi.


O entse tsohle di le ntle nakong ya tsona; o bile o beile lefatshe lohle pela bona hore ba lemohe ditaba tsa lona; leha ho le jwalo, ha ho motho ya utlwisisang mesebetsi e entsweng ke Modimo, ho qala qalong ya yona ho isa qetellong ya yona.


Na ha o tsebe, na ha o a ka wa utlwa hobane Jehova ke Modimo wa kamehla yohle, Mmopi wa dipheletso tsa lefatshe? Ha a kgathale, ha a fokole, kelello ya hae ha e lekanngwe.


A bodiba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ya Modimo! Dikahlolo tsa wona ha di hlalohanngwe hakakang! Ditsela tsa wona ha di na ho fihlelwa hakakang!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos