Matsatsi a ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le mmedi; boikakaso ba tsona ke kgathatso le bomadimabe; hobane bophelo ba rona bo fela kapele, bo ikela koo.
Hobane matsatsi wohle a hae ke a nang le mahloko, mme mosebetsi wa hae ke o nang le maswabi; esita le bosiu, pelo ya hae ha e phomole. Hoo le hona ke lefeela.
Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Modimo o a tshepeha, o ke ke wa dumela hore le hlahelwe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tswa ho wona, le tle le tsebe ho o jara.