23 Ho tswetswe keng motho ya timeletsweng ke tsela ya hae, eo Modimo o mo patisang kahohle?
23 Ya fihlametsweng ke tsela o tswaletsweng, athe Modimo o mo raletse mathibela?
Bona, ha o senya, ha ho ya ka tsosang; ha o ka kwalla motho, ha ho ya ka mo bulelang.
Ho ya kang ha o tshwasitse maoto a ka ka difate, leha e le ho hlwela dika tsa ka kaofela le ho dikadiketsa bohato ba maoto a ka;
Makgotla a wona a futuhetse nna, a iphunyeditse tsela ho tla ntshwara, a hlomile a teetse tente ya ka hare.
le utlwisise hoba ke Modimo o mphallelang, o ntiketse sefing sa wona.
O thibile mmila wa ka hore ke se ke ka feta, mme tseleng ya ka o beile lefifi.
ba thaba ka thabo e fetisisang, ba be ba nyakalle, ha ba fumana lebitla?
mme ha o a ka wa nneela matsohong a bao e leng dira ho nna, empa wa phetlela maoto a ka sebaka se phatlaletseng.
O suthiseditse hole le nna ba tsebanang le nna, o nkentse ntho e manyala ho bona; ke kwalletswe moo ho se nang ho tsuwa.
Mahlo a ka a monyela ke tlokotsi. Jehova, ke o rapela ka ditshiu tsohle, ke otlollela matsoho a ka ho wena.
Na keng Jakobo, ha o bolela, le wena Iseraele, ha o re: Tsela ya ka ha e lemohuwe ke Jehova, tokelo ya ka ha e qamakwe ke Modimo wa ka?
O nkopetse hare hore ke tle ke se ke ka tswa, ditlamo tsa ka o di entse boima.
O nthibeletse tsela tsa ka ka majwe a betlilweng, o kgopamisitse mmila wa ka.
Ka baka leo, bonang, ke tla thiba tsela ya hae ka meutlwa, ke hahe lerako teng, a tle a se ke a hlola a fumana mmila wa hae.