22 ba thaba ka thabo e fetisisang, ba be ba nyakalle, ha ba fumana lebitla?
22 Ba thaba ka thabo e fetisisang, ba nyakalle ha ba kena ka lebitleng.
Empa mahlo a ba bolotsana a tingwa, ba hloka setshabelo; tshepo e ba saletseng ke ho neela moya.
Makote a sekgutlo a bobebe hodima hae; batho kaofela ba kolokile kamora hae, ba etellang pele ha ba na palo.
e le ba lebeletseng lefu, mme ha le fihle, ba le tjheba ba le lakatsa ho fetisa letlotlo le patilweng,
Ho tswetswe keng motho ya timeletsweng ke tsela ya hae, eo Modimo o mo patisang kahohle?
E ne e tla ba tshediso ho nna; e, ke ne ke tla thaba bohlokong bona bo tshabehang; hobane ha ke a ka ka tlola ditaelo tsa Ya halalelang!
Oho! Hola kopo ya ka e be e ka etsahala, mme Modimo wa nnea se lebeletsweng ke nna!
ke moo pelo ya ka e kgethileng ho kgangwa le ho shwa, ho fetisa ha ke boloka masapo a ka.
Ka ba ka re: Bafu ba shweleng kgale ba lehlohonolo ho ena le batho ba phelang, ba ntseng ba le teng;
empa ya ba fetang bohle ka lehlohonolo, ke ya esong ho ka a eba teng le jwalo, ya sa kang a bona ketso tse mpe tse etswang tlasa letsatsi.
Mme ho tla ratwa lefu haholo ho bophelo ke masala kaofela a setseng a mofuta oo o mobe, hohle moo ke a qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova wa makgotla.